Daniele
5 Morena Belshatsare+ a etsetsa bahlomphehi ba hae ba sekete mokete o moholo mme o ne a nwa veine ka pela bona.+ 2 Ha Belshatsare a se a tahilwe, a laela hore ho tliswe dijana tsa kgauta le tsa silevera tseo ntate wa hae Nebukadnezare a neng a di nkile tempeleng e Jerusalema+ e le hore yena le bahlomphehi ba hae, direthe tsa hae le basadi ba hae ba banyenyane ba ka nwa ka tsona. 3 Ba tlisa dijana tsa kgauta tse nkilweng tempeleng e ntlong ya Modimo Jerusalema yaba morena le bahlomphehi ba hae, direthe tsa hae le basadi ba hae ba banyenyane ba nwa ka tsona. 4 Ba nwa veine yaba ba rorisa medimo e entsweng ka kgauta, silevera, koporo, tshepe, patsi le lejwe.
5 Ka yona nako eo, menwana ya letsoho la motho ya hlaha mme ya ngola leboteng la phaleisi ya morena ka pela sedulwana sa lebone. Morena o ne a bona bokamorao ba letsoho leo ha le ntse le ngola. 6 Sefahleho sa morena sa fetoha ka lebaka la ho tshoha. O ne a tshoswa ke dintho tseo a di nahanang. Maoto a hae a thothomela le mangole a hae a kgwehla.+
7 Morena a hweletsa mme a laela hore ho bitswe dinohe, Bakalde* le balepi ba dinaledi.+ A re ho banna ba bohlale ba Babilona: “Motho le ha e le ofe ya tla bala mongolo ona a be a ntlhalosetse wona o tla apeswa seaparo se mmala o pherese, a rweswe sefaha sa kgauta molaleng+ a be a buse e le wa boraro mmusong.”+
8 Banna bohle ba bohlale ba morena ba kena empa ba ne ba sa kgone ho bala mongolo oo kapa ho bolella morena tlhaloso ya wona.+ 9 Morena Belshatsare a tshoha le ho feta mme sefahleho sa hae sa fetoha. Bahlomphehi ba hae ba ne ba tsielehile.+
10 Ha mofumahadi a utlwa mantswe a morena le bahlomphehi ba hae, a kena ka holong ya mokete yaba o re: “Morena o ke o phele ka ho sa feleng. Dintho tseo o di nahanang di se ke tsa o tshosa kapa tsa etsa hore sefahleho sa hao se fetohe. 11 Mmusong wa hao ho na le monna ya nang le moya wa medimo e halalelang. Mehleng ya ntate wa hao, ho ile ha fumanwa hore monna enwa o na le tsebo le temoho ebile o bohlale jwalo ka medimo.+ Ntate wa hao e leng Morena Nebukadnezare o ile a mo kgetha hore e be mookamedi wa baprista ba maselamose, dinohe, Bakalde* le balepi ba dinaledi.+ Morena, ntate wa hao o ile a etsa sena. 12 Daniele, eo morena a neng a mo rehile Beltsatsare,+ o ne a le bohlale ka tsela e hlollang, a ena le tsebo le temoho ya ho hlalosa ditoro le dilotho a bile a tseba ho rarolla mathata a rarahaneng.*+ Ere Daniele a bitswe mme o tla o hlalosetsa mongolo oo.”
13 Daniele a tliswa ka pela morena. Morena a re ho yena: “Na ke wena Daniele, e mong wa batlamuwa bao ntate wa ka a ba ntshitseng Juda?+ 14 Ke utlwile hore o na le moya wa medimo+ le hore o na le tsebo, temoho le bohlale bo sa tlwaelehang.+ 15 Banna ba bohlale le dinohe ba ile ba tliswa ka pela ka hore ba tlo bala mongolo ona le ho ntlhalosetsa wona empa ha ba kgone ho ntlhalosetsa molaetsa wa wona.+ 16 Le ha ho le jwalo, ke utlwile hore wena o kgona ho fana ka ditlhaloso+ le ho rarolla mathata a rarahaneng.* Haeba o ka bala mongolo ona le ho ntlhalosetsa wona, o tla apeswa seaparo se mmala o pherese, o rweswe sefaha sa kgauta molaleng mme o tla busa o le wa boraro mmusong.”+
17 Daniele a araba morena a re: “Ha ke batle dimpho tsa hao le moputso wa hao, o ka o fa ba bang. Le ha ho le jwalo, ke tla o balla mongolo ona ke be ke o hlalosetse wona. 18 Morena, Modimo ya Phahameng ka ho Fetisisa o ile a fa ntate wa hao Nebukadnezare mmuso, boholo, tlotla le ho hlompheha.+ 19 Ka lebaka la boholo boo Modimo a ileng a mo fa bona, batho ba ditjhaba tsohle, merabe le dipuo tse fapaneng, ba ne ba thothomela ka pela hae ba mo tshaba.+ O ne a bolaya motho eo a batlang ho mo bolaya kapa a hauhela eo a batlang ho mo hauhela mme o ne a phahamisa eo a batlang ho mo phahamisa a bile a tlotlolla eo a batlang ho mo tlotlolla.+ 20 Empa ha a ikgohomosa, a ba manganga a bile a iphahamisa,+ o ile a theolwa teroneng ya mmuso wa hae a ba a theolwa seriti. 21 A lelekwa hara batho mme pelo ya hae ya etswa hore e be jwalo ka ya sebata yaba o phela le ditonki tse hlaha. A ja jwang jwalo ka dipoho mme a kolobiswa ke phoka e tswang lehodimong, ho fihlela a tseba hore Modimo ya Phahameng ka ho Fetisisa ke Mmusi mmusong wa batho le hore o o fa motho eo a batlang ho mo fa wona.+
22 Empa wena Belshatsare mora wa hae, ha o a ikokobetsa le hoja o tsebile dintho tsena tsohle. 23 Ho ena le hoo, o ile wa iphahamisetsa Morena wa mahodimo,+ wa re ba o tlisetse dijana tsa ntlo ya hae.+ Wena le bahlomphehi ba hao, direthe tsa hao le basadi ba hao ba banyenyane, la nwa veine ka tsona mme la rorisa medimo e entsweng ka silevera, kgauta, koporo, tshepe, patsi le lejwe e leng medimo e sa boneng letho, e sa utlweng letho le e sa tsebeng letho.+ Empa ha o a ka wa tlotlisa Modimo eo bophelo ba hao bo leng letsohong la hae.+ 24 Ka hoo, letsoho leo le tswa ho yena mme ke yena ya entseng hore le ngole mongolo ona.+ 25 Mongolo o ngotsweng o re: MENE, MENE, TEKEL le PARSIN.
26 Tlhaloso ya mantswe ao ke ena: MENE, Modimo o badile matsatsi a mmuso wa hao mme o o fedisitse.+
27 TEKEL, o lekantswe sekaleng mme o fumanwe o le bofefo.*
28 PERES, mmuso wa hao o arotswe mme o filwe Bamede le Bapersia.”+
29 Ka mora moo, Belshatsare a laela hore Daniele a apeswe seaparo se mmala o pherese, a rweswe sefaha sa kgauta molaleng mme ho phatlalatswe hore e tlo ba mmusi wa boraro pusong.+
30 Bosiung bona boo Belshatsare morena wa Bakalde a bolawa.+ 31 Dariuse+ wa Momede a fuwa borena, a le dilemo tse ka bang 62.