Kosepele ya Mareka
15 Hang ha mafube a hlaha, ditho tsohle tsa Lekgotla le Phahameng la Bajuda* e leng baprista ba baholo, bangodi le baholo ba buisana, ba fasa Jesu ba mo kganna yaba ba mo isa ho Pilato.+ 2 Ka hoo, Pilato a re ho yena: “Na o Morena wa Bajuda?”+ Jesu a re: “E, ke yena.”*+ 3 Yaba baprista ba baholo ba qala ho qosa Jesu ka dintho tse ngata. 4 Pilato a mo botsa hape a re: “O ikarabella ka ho reng?+ Na o a utlwa hore na ba o qosa ka dintho tse ngata hakae?”+ 5 Jesu ha a ka a re letho yaba Pilato o a makala.+
6 Ha e le Paseka, Pilato o ne a tlwaetse ho lokollela setjhaba motshwaruwa eo se mo batlang.+ 7 Ka nako eo, monna ya bitswang Barabase o ne a kentswe teronkong le ba bang ba neng ba fetohetse mmuso ba bile ba bolaile batho. 8 Batho ba fihla mme ba kopa Pilato hore a ba etsetse ka moo a tlwaetseng ho ba etsetsa ka teng. 9 Pilato a re: “Le batla ke le lokollele Morena wa Bajuda?”+ 10 Pilato o ne a bona hore baprista ba baholo ba tlisitse Jesu ho yena hobane ba le mona.+ 11 Empa baprista ba baholo ba susumeletsa setjhaba ho kopa hore ho lokollwe Barabase eseng Jesu.+ 12 Pilato a re: “Jwale ke etseng ka enwa eo le reng ke Morena wa Bajuda?”+ 13 Ba hweletsa ba re: “Ha a kgokgothelwe palong!”*+ 14 Empa Pilato a re ho bona: “Hobaneng, o entseng e mpe?” Empa ba hweletsa le ho feta ba re: “Ha a kgokgothelwe palong!”*+ 15 Ka ha Pilato o ne a batla ho ba kgotsofatsa, a ba lokollela Barabase empa a laela hore Jesu a shapuwe ka sephadi+ mme a fana ka yena hore a kgokgothelwe palong.*+
16 Masole a mo isa ka lebaleng ha mmusisi mme a bokella sehlopha sohle sa masole.+ 17 Yaba a mo apesa seaparo se pherese, a loha korone ka meutlwa a mo rwesa yona. 18 Masole ao a re ho yena: “Dumela, wena Morena wa Bajuda!”+ 19 Hape, a ne a mo otla hloohong ka lehlaka, a mo tshwela ka mathe ebe a a mo kgumamela.* 20 Ha a qeta ho mo soma, a mo hlobodisa seaparo se pherese, a mo apesa diaparo tsa hae mme a mo etella pele hore a yo kgokgothelwa palong.+ 21 Monna e mong wa Saerene ya bitswang Simone ya tswang mahaeng, ntate wa Alexandere le Rufase, o ile a feta yaba masole ao a mo qobella ho jara palo eo Jesu a neng a tlo kgokgothelwa ho yona.*+
22 Masole a tlisa Jesu Golgotha, eo ha e fetolelwa e bolelang Sebaka sa Lehata.+ 23 A leka ho mo fa veine e tswakilweng le sethethefatsi sa mira+ empa ha a ka a e nwa. 24 A mo kgokgothela palong yaba a aba diaparo tsa hae ka ho lahla lotho.+ 25 Masole ao a mo kgokgothela palong hoo e ka bang ka hora ya borobong hoseng.* 26 Boto e ngotsweng hore na o qoseditswe eng e ne e re: “Morena wa Bajuda.”+ 27 Hape masole ao a kgokgothela mashodu a mabedi dipalong pela hae, le leng ka ho le letona le leng ka ho le letshehadi.+ 28 *—— 29 Batho ba fetang ka tsela ba mo nyefola, ba sisinya dihlooho+ ba re: “Halala! O itse o tla heletsa tempele o be o e hahe ka matsatsi a mararo.+ 30 Theoha palong eo o kgokgothetsweng ho yona o ipholose.” 31 Baprista ba baholo le bangodi le bona ba mo soma ba re: “O pholositse ba bang, yena o sitwa ho ipholosa.+ 32 Jwale haeba ke Kreste Morena wa Iseraele, ha a theohe palong eo a kgokgothetsweng ho yona re bone, re tsebe ho dumela.”+ Esita le ba neng ba kgokgothetswe dipalong pela hae ba ile ba mo rohaka jwalo.+
33 Ka 12 motshehare* lefifi la aparela naha yohle ka dihora tse tharo.*+ 34 Ka hora ya boraro mantsiboya* Jesu a hweletsa a re: “Eli, Eli, lama sabakthani?” e bolelang: “Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntahletseng?”+ 35 Ha batho ba emeng moo ba utlwa a tjho jwalo ba re: “Utlwang, o bitsa Elia.” 36 Empa motho e mong a matha, a kenya sepontjhe ka hara veine e bodila, a se hloma lehlakeng yaba o a mo fa hore a nwe+ a re: “Mo tloheleng re bone hore na Elia o tla tla a mo theola.” 37 Empa Jesu a hweletsa yaba o a shwa.*+ 38 Kgaretene ya sehalalelo+ ya taboha ka lehare ho tloha hodimo ho ya tlase.+ 39 Ha molaodi wa sesole ya neng a eme haufi le Jesu a bona dintho tse ileng tsa etsahala ha Jesu a shwa a re: “Ka nnete monna enwa e ne e le Mora Modimo.”+
40 Hape ho ne ho ena le basadi ba neng ba shebeletse ba le hojana. Hara bona ho ne ho ena le Salome, Maria Magdalena le Maria mme wa Jakobo e Monyenyane le Jose.+ 41 Ha a ne a le Galilea ba ne ba tlwaetse ho tsamaya le yena le ho mo sebeletsa.+ Ho ne ho boetse ho ena le basadi ba bang ba bangata ba neng ba nyolohetse Jerusalema le yena.
42 E ne e le motshehare wa mantsiboya, ho itokisetswa letsatsi le hlahlamang e leng la Sabatha. 43 Ka hona, Josefa wa Arimathea a ba sebete a ya ka pela Pilato mme a kopa setopo sa Jesu.+ E ne e le setho sa Lekgotla se hlomphehang hape a lebeletse Mmuso wa Modimo. 44 Empa Pilato o ne a sa kgolwe hore o se a shwele. Ka hoo, a bitsa molaodi wa sesole a mo botsa hore na o se a shwele. 45 Ka hoo, ha a se a kgodisehile hore o shwele, a fa Josefa setopo. 46 Ho feta moo, Josefa a reka lesela la line ya boleng bo botle, a theola setopo sa Jesu palong, a se phuthela ka lesela leo la line yaba o se beha ka lebitleng+ le neng le tjhekilwe lefikeng. A beha lejwe monyako wa lebitla.+ 47 Empa Maria Magdalena le Maria mme wa Jose ba sala ba shebile lebitla la Jesu.+