Deuteronoma
27 Moshe ha mmoho le banna ba baholo ba Iseraele ba laela setjhaba ba re: “Mamelang taelo e nngwe le e nngwe eo ke le fang yona kajeno. 2 Letsatsing leo ka lona le tshelang Jordane ho ya naheng eo Jehova Modimo wa lona a le fang yona, le emise majwe a maholo mme le a dile ka letsopa.*+ 3 Ka mora moo, le ngole mantswe ohle a Molao ona hodima ona ha le se le tshetse e le hore le kene naheng eo Jehova Modimo wa lona a le fang yona, naha e phallang lebese le mahe a dinotshi jwalo ka ha Jehova Modimo wa baholoholo ba lona a le tshepisitse.+ 4 Ha le se le tshetse Jordane, le emise majwe ana Thabeng ya Ebale+ mme le a dile ka letsopa* feela jwalo ka ha ke le laela kajeno. 5 Hape le hahele Jehova Modimo wa lona aletare moo, e be aletare ya majwe. Le se ke la betla majwe ao ka dithulusi tsa tshepe.+ 6 Le hahe aletare ya Jehova Modimo wa lona ka majwe a sa betlwang mme le etsetse Jehova Modimo wa lona dinyehelo tsa setjheso ho yona. 7 Le nyehele mahlabelo a kopanetsweng+ mme le a jelle moo+ mme le tla thaba ka pela Jehova Modimo wa lona.+ 8 Hape le ngole ka ho hlaka mantswe ohle a Molao ona hodima majwe.”+
9 Yaba Moshe le baprista ba Balevi ba bua le Baiseraele bohle, ba re: “Tholang mme le mamele lona Baiseraele. Letsatsing lena le fetohile setjhaba sa Jehova Modimo wa lona.+ 10 Le mamele lentswe la Jehova Modimo wa lona mme le phethe ditaelo tsa hae+ le melao ya hae eo ke le laelang yona kajeno.”
11 Letsatsing leo Moshe a laela setjhaba a re: 12 “Maloko a latelang a tla ema Thabeng ya Gerizime+ ho hlohonolofatsa setjhaba ha le se le tshetse Jordane: Simeone, Levi, Juda, Isakare, Josefa le Benjamine. 13 Ba latelang ke ba tla ema Thabeng ya Ebale+ e le hore ba fane ka thohako: Rubene, Gade, Ashere, Zabulone, Dane le Nefthali. 14 Jwale Balevi ba tla bua ka lentswe le phahameng ho setjhaba sohle sa Baiseraele mme ba re:+
15 ‘Ho rohakwe motho ya etsang setshwantsho+ kapa seemahale sa tshepe*+ ebile a se beha moo ho patehileng e leng ntho e nyonyehang ho Jehova,+ ntho e entsweng ke setsebi sa mosebetsi wa matsoho.* (Setjhaba sohle se tla araba se re, ‘Amen!’*)
16 Ho rohakwe motho ya tellang ntate wa hae kapa mme wa hae.+ (Setjhaba sohle se tla re, ‘Amen!’)
17 Ho rohakwe motho ya tjhetjhisang letshwao la moedi wa moahisani wa hae.+ (Setjhaba sohle se tla re, ‘Amen!’)
18 Ho rohakwe motho ya etsang hore ya foufetseng a lahlehelwe ke tsela.+ (Setjhaba sohle se tla re, ‘Amen!’)
19 Ho rohakwe motho ya etsang hore moditjhaba, kgutsana* kapa mohlolohadi+ a se ke a ahlolwa ka toka.+ (Setjhaba sohle se tla re, ‘Amen!’)
20 Ho rohakwe motho ya robalang le mosadi wa ntate wa hae hobane o tlotlolotse ntate wa hae.*+ (Setjhaba sohle se tla re, ‘Amen!’)
21 Ho rohakwe motho ya etsang thobalano le phoofolo.+ (Setjhaba sohle se tla re, ‘Amen!’)
22 Ho rohakwe motho ya robalang le kgaitsedi ya hae ebang ke moradi wa ntate wa hae kapa wa mme wa hae.+ (Setjhaba sohle se tla re, ‘Amen!’)
23 Ho rohakwe motho ya robalang le matsale wa hae.+ (Setjhaba sohle se tla re, ‘Amen!’)
24 Ho rohakwe motho ya bolayang moahisani wa hae sephiring.+ (Setjhaba sohle se tla re, ‘Amen!’)
25 Ho rohakwe motho ya amohelang tjotjo e le hore a bolaye motho ya se nang molato.+ (Setjhaba sohle se tla re, ‘Amen!’)
26 Ho rohakwe motho ya sa mameleng mantswe a Molao ona ebile a sa a phethe.’+ (Setjhaba sohle se tla re, ‘Amen!’)