Dipesaleme
Ho motsamaisi. E bapalwe ka modumo wa Sheminithe.* Pina ya Davida.
12 Mpholose hle Jehova hobane batho ba tshepahalang ha ba sa le yo.
Batho ba tshepahalang ba fedile.
3 Jehova o tla kwala melomo yohle e qhekellang,
O tla kgaola maleme a ba ratang ho ithorisa,+
4 Ba reng: “Re fumana seo re se batlang ka lebaka la maleme a rona.
Re bua ka mokgwa oo re batlang.
Ha ho na motho ya ka re laolang.”+
5 Jehova o re, “Ka lebaka la hore ba hlophehileng ba a hatellwa,
Ka lebaka la hore ba futsanehileng ba a lla,+
Ke tla etsa ho hong ho ba thusa.
Ke tla ba pholosa ho ba ba tshwarang hampe.”*