LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Ezekiele 45
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

Kakaretso ya Ezekiele

      • Monehelo o halalelang le motse (1-6)

      • Karolo e fuwang dikgosana (7, 8)

      • Dikgosana di lokela ho tshepahala (9-12)

      • Menehelo ya batho le ya kgosana (13-25)

Ezekiele 45:1

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “ditswe tse 25 000.” Ho buuwa ka ditswe tse telele. Sheba Ntlha ya B14.

  • *

    Ka Seheberu: “ditswe tse 10 000.”

  • *

    Kapa: “meeding yohle ya yona.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Jos 14:1, 2; Eze 47:21, 22
  • +Eze 48:20
  • +Eze 48:8, 9

Indexes

  • Research Guide

    Borapedi ba Nnete, maq. 219-220

Ezekiele 45:2

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “ditswe tse 500.”

  • *

    Ka Seheberu: “ditswe tse 50.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 42:20
  • +Jos 21:1, 2

Ezekiele 45:3

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “ditswe tse 25 000.”

  • *

    Ka Seheberu: “ditswe tse 10 000.”

Ezekiele 45:4

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 48:10, 11
  • +Eze 40:46

Ezekiele 45:5

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “ditswe tse 25 000.”

  • *

    Ka Seheberu: “ditswe tse 10 000.”

  • *

    Kapa: “dikamore tse 20.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 48:13
  • +Eze 40:17

Ezekiele 45:6

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “ditswe tse 25 000.”

  • *

    Ka Seheberu: “ditswe tse 5 000.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 48:15

Ezekiele 45:7

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 48:21

Ezekiele 45:8

Mangolo a Dithupiso

  • +Esa 32:1; 60:17; Jer 22:17; 23:5; Eze 22:27; 46:18; Mik 3:1-3
  • +Jos 11:23

Ezekiele 45:9

Mangolo a Dithupiso

  • +Jer 22:3; Mik 6:8; Zak 8:16
  • +Mik 2:2

Ezekiele 45:10

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 19:36; Diprov. 11:1; AMOSE 8:5; Mik 6:10, 11

Ezekiele 45:11

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “tekanyo ya efa.”

  • *

    Ka Seheberu: “tekanyo ya bate.”

  • *

    Ka Seheberu: “bate e be karolo ya leshome ya homere.” Sheba Ntlha ya B14.

  • *

    Ka Seheberu: “efa e be karolo ya leshome ya homere.” Sheba Ntlha ya B14.

  • *

    Ka Seheberu: “homere.” Sheba Ntlha ya B14.

Ezekiele 45:12

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “Shekele.” Sheba Ntlha ya B14.

  • *

    Ka Seheberu: “digera tse 20.” Gera e lekana le dikramo tse 0,57. Sheba Ntlha ya B14.

  • *

    Kapa: “mina.” Sheba Ntlha ya B14.

  • *

    Ka Seheberu: “dishekele tse 20 ha di kopana le tse 25 le tse 15.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 30:13

Ezekiele 45:13

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “karolo ya botshelela ya efa.” Sheba Ntlha ya B14.

  • *

    Ka Seheberu: “homere e le nngwe.” Sheba Ntlha ya B14.

Ezekiele 45:14

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “tekanyo ya bate.” Sheba Ntlha ya B14.

  • *

    Ka Seheberu: “karolo ya leshome ya kore.” Sheba Ntlha ya B14.

  • *

    Ka Seheberu: “homere e le nngwe.” Sheba Ntlha ya B14.

Ezekiele 45:15

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 2:1
  • +Le 1:10
  • +Le 3:1
  • +Le 1:4; 6:30; Heb 9:22

Ezekiele 45:16

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 30:14

Ezekiele 45:17

Mangolo a Dithupiso

  • +1Kr 16:2; 2Kr 30:24
  • +1Ma 8:64
  • +2Kr 35:7
  • +Esa 66:23
  • +De 16:16; 2Kr 8:12, 13; 31:3

Ezekiele 45:18

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 16:16

Ezekiele 45:19

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 41:21

Ezekiele 45:20

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 4:27, 28
  • +Le 16:20

Ezekiele 45:21

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 23:5
  • +Ex 12:18

Ezekiele 45:22

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 4:13, 14

Ezekiele 45:23

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “podi e tona.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 23:8

Ezekiele 45:24

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “tekanyo ya efa ya dijothollo.”

  • *

    Ka Seheberu: “tekanyo ya hine ya oli.”

Ezekiele 45:25

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 23:34; De 16:13; 2Kr 7:8; Zak 14:16

Diphetolelo Tse Ding

Penya temana e le hore o bone ditemana tse tsamaisanang le yona.

Tse Ding

Ezek. 45:1Jos 14:1, 2; Eze 47:21, 22
Ezek. 45:1Eze 48:20
Ezek. 45:1Eze 48:8, 9
Ezek. 45:2Eze 42:20
Ezek. 45:2Jos 21:1, 2
Ezek. 45:4Eze 48:10, 11
Ezek. 45:4Eze 40:46
Ezek. 45:5Eze 48:13
Ezek. 45:5Eze 40:17
Ezek. 45:6Eze 48:15
Ezek. 45:7Eze 48:21
Ezek. 45:8Esa 32:1; 60:17; Jer 22:17; 23:5; Eze 22:27; 46:18; Mik 3:1-3
Ezek. 45:8Jos 11:23
Ezek. 45:9Jer 22:3; Mik 6:8; Zak 8:16
Ezek. 45:9Mik 2:2
Ezek. 45:10Le 19:36; Diprov. 11:1; AMOSE 8:5; Mik 6:10, 11
Ezek. 45:12Ex 30:13
Ezek. 45:15Le 2:1
Ezek. 45:15Le 1:10
Ezek. 45:15Le 3:1
Ezek. 45:15Le 1:4; 6:30; Heb 9:22
Ezek. 45:16Ex 30:14
Ezek. 45:171Kr 16:2; 2Kr 30:24
Ezek. 45:171Ma 8:64
Ezek. 45:172Kr 35:7
Ezek. 45:17Esa 66:23
Ezek. 45:17De 16:16; 2Kr 8:12, 13; 31:3
Ezek. 45:18Le 16:16
Ezek. 45:19Eze 41:21
Ezek. 45:20Le 4:27, 28
Ezek. 45:20Le 16:20
Ezek. 45:21Le 23:5
Ezek. 45:21Ex 12:18
Ezek. 45:22Le 4:13, 14
Ezek. 45:23Le 23:8
Ezek. 45:25Le 23:34; De 16:13; 2Kr 7:8; Zak 14:16
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • E bale ka phetolelo ena Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Ezekiele 45:1-25

Ezekiele

45 Ha le arola naha e le lefa,+ le lokela ho fa Jehova karolo e halalelang ya naha e le monehelo.+ Bolelele ba yona e be dikhilomithara tse ka bang 13* le bophara ba yona e be dikhilomithara tse ka bang hlano.*+ Sebaka seo kaofela* e tla ba karolo e halalelang. 2 Ka hara sebaka sena, ho tla ba le sebaka se halalelang se nang le mahlakore a mane a lekanang.+ Lehlakore ka leng e tla ba dimithara tse ka bang 260* ebile se tla ba le sebaka seo diphoofolo di ka fulang ho sona se etsang dimithara tse ka bang 26* mahlakoreng ohle.+ 3 Sebakeng seo o boele o methe sebaka se bolelele ba dikhilomithara tse ka bang 13* le bophara ba dikhilomithara tse ka bang hlano.* Ka hara sona e tla ba sehalalelo e leng ntho e halalelang ka ho fetisisa. 4 E tla ba karolo e halalelang ya naha e tla fuwa baprista+ ba sebeletsang sehalalelong, ba tlang ka pela Jehova e le hore ba mo sebeletse.+ Ke moo matlo a bona le sebaka se halalelang sa tempele di tla ba teng.

5 Balevi ba sebeletsang tempeleng ba tla fuwa karolo ya naha e bolelele ba dikhilomithara tse ka bang 13* le bophara ba dikhilomithara tse ka bang hlano.*+ Ba tla boela ba fuwe dikamore tsa ho jela tse 20.*+

6 Le fe motse lefa la sebaka se bolelele ba dikhilomithara tse ka bang 13* (se lekanang le monehelo o halalelang) le se bophara ba dikhilomithara tse ka bang pedi le halofo.*+ E tla ba sa Baiseraele bohle.

7 Kgosana e fuwe sebaka se ka mahlakoreng a mabedi a monehelo o halalelang le a sebaka se fuweng motse. Se tla ba pela monehelo o halalelang le pela sebaka se fuweng motse. Se tla ba lehlakoreng le ka bophirimela le le ka botjhabela. Bolelele ba sona ho tloha moeding o ka bophirimela ho ya moeding o ka botjhabela bo tla lekana le karolo e nngwe ya maloko.+ 8 Karolo ena e tla ba lefa la hae naheng ya Iseraele. Dikgosana tsa ka ha di sa tla hlola di sotla setjhaba sa ka sa Iseraele+ ebile di tla se fa naha ho ya ka maloko a sona.’+

9 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Lona dikgosana tsa Iseraele, jwale le se le feteletse.

Tlohelang ntwa le ho hatella batho mme le etse dintho hantle le be le tshware batho ka toka.+ Tlohelang ho nkela batho ba ka dibaka tsa bona,’+ ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong. 10 ‘Le sebedise dikala tse tshepahalang. Le sebedise tekanyo e nepahetseng ya dintho tse ommeng le tse metsi.+ 11 Le be le tekanyo e le nngwe ya dintho tse ommeng* le tse metsi.* Tekanyo ya dintho tse metsi e lokela ho ba dilithara tse 22* le tekanyo ya dintho tse ommeng e be dilithara tse 22.* Tekanyo ya dilithara tse 220* e be yona e sebediswang ha ho methwa. 12 Tekanyo e sebediswang*+ e lekane le dikramo tse ka bang 11.* Bakeng sa lona, mane* e le nngwe e lekane le dikramo tse 684.*

13 Ona ke monehelo oo le lokelang ho o ntsha: Le ntshe dilithara tse ka bang nne* ho tse 220* tsa koro le dilithara tse ka bang nne ho tse 220 tsa harese. 14 Oli e lokela ho lekanngwa ho ya ka tekanyo e tshelang dilithara tse 22.* Tekanyo ya dintho tse metsi ke dilithara tse 22.* Dilithara tse 22 ha di atiswa haleshome di etsa dilithara tse 220.* 15 Mohlapeng wa Iseraele, ho fanwe ka nku e le nngwe ho tse 200. E fanwe e le nyehelo ya dijo,*+ nyehelo ya setjheso e feletseng+ le mahlabelo a kopanetsweng+ e le hore ho etsetswe batho sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe,’+ ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong.

16 ‘Batho bohle naheng ba fe kgosana ya Iseraele monehelo ona.+ 17 Empa kgosana ya Iseraele ke yona e tla fana ka diphoofolo tsa nyehelo ya setjheso e feletseng,+ nyehelo ya dijo+ le nyehelo ya dino ha ho etswa mekete+ e leng mokete wa ha kgwedi e qala, disabatha+ le mekete yohle ya Baiseraele.+ Ke yena ya tla etsa nyehelo ya sebe, nyehelo ya dijo, nyehelo ya setjheso e feletseng le mahlabelo a kopanetsweng e le hore a etsetse Baiseraele sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe.’

18 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ka letsatsi la pele la kgwedi ya pele, o nke pohwana e phetseng hantle mohlapeng mme o hlwekise sehalalelo sebeng.+ 19 Moprista a nke a mang a madi a nyehelo ya sebe a a tlotse koseneng ya monyako wa tempele,+ dikhoneng tse nne tse potolohileng sethala sa aletare le koseneng ya keiti ya lebala le ka hare. 20 O etse dintho tsena ka letsatsi la bosupa la kgwedi haeba motho a etsa sebe ka phoso kapa ka boomo.+ O etsetse tempele sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe.+

21 Ka letsatsi la bo14 la kgwedi ya pele, le keteke mokete wa Paseka.+ Le je bohobe bo se nang tomoso ka matsatsi a supileng.+ 22 Letsatsing leo, kgosana e tla fana ka pohwana e le nyehelo ya sebe bakeng sa hae le batho bohle ba naha.+ 23 Matsatsing a supileng a mokete e tla fa Jehova dipohwana tse supileng tse phetseng hantle, diramo tse supileng tse phetseng hantle e le nyehelo ya setjheso e feletseng letsatsi le leng le le leng matsatsing ao a supileng.+ E fane le ka phooko* letsatsi le leng le le leng e le nyehelo ya sebe. 24 Pohwana ka nngwe e tsamaye le dilithara tse 22 tsa nyehelo ya dijo* le dilithara tse ka bang nne tsa oli.* Ramo ka nngwe le yona e tsamaye le dilithara tse 22 tsa nyehelo ya dijo le dilithara tse ka bang nne tsa oli.

25 Ka letsatsi la bo15 la kgwedi ya bosupa, ka matsatsi a supileng nakong ya mokete,+ kgosana e lokela ho fana ka nyehelo ya sebe e tshwanang, ya setjheso e feletseng, ya dijo le oli.’

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share