Jobo
3 Ke kopa o ntshepise hore o tla ntshireletsa.
Ke mang e mong ya tla nthusa?+
5 Batho bana ba re ba tla arolelana dintho le metswalle ya bona,
Ha bana ba bona ba bolawa ke tlala.
8 Batho ba lokileng ba a makala ha ba mpona
Mme ba se nang molato ba tshwenngwa ke batho ba lahlileng Modimo.*
9 Motho ya lokileng o ntse a tshwareletse tseleng ya hae+
Le motho ya matsoho a hlwekileng o ntse a eba matla.+
10 Le ha ho le jwalo, lona kaofela le ka tla mme la tswela pele ho phehisana le nna
Ka ha ha ke a fumana le ya mong ya bohlale hara lona.+
12 Ba re bosiu ke motshehare,
Ba boetse ba re, ‘Kganya e tlameha ebe e haufi hobane ho lefifi.’
14 Ke tla hweletsa sekoti*+ ke re, ‘O ntate wa ka!’
Ho diboko* ke re, ‘O mme wa ka le ausi wa ka!’
15 Jwale tshepo ya ka e hokae?+
Ke mang ya e bonang?