LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Ezekiele 14
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

Kakaretso ya Ezekiele

      • Batho ba rapelang ditshwantsho ba a ahlolwa (1-11)

      • Jerusalema e ke ke ya phonyoha kahlolo (12-23)

        • Noe, Daniele le Jobo ke banna ba lokileng (14, 20)

Ezekiele 14:1

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 33:30, 31

Ezekiele 14:3

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Polelo ena ya Seheberu e ka amana le lentswe “bolokwe” mme e sebediseditswe ho bontsha ho hloya.

Mangolo a Dithupiso

  • +2Ma 3:13; Esa 1:15; Jer 11:11

Ezekiele 14:5

Mangolo a Dithupiso

  • +Jer 2:5

Ezekiele 14:6

Mangolo a Dithupiso

  • +Esa 55:7

Indexes

  • Research Guide

    Borapedi ba Nnete, maq. 105-106

Ezekiele 14:7

Mangolo a Dithupiso

  • +Jer 21:1, 2; Eze 33:31

Ezekiele 14:8

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 20:2, 3

Ezekiele 14:9

Mangolo a Dithupiso

  • +1Ma 22:21, 22; Jer 4:10; 2Th 2:10, 11

Ezekiele 14:11

Mangolo a Dithupiso

  • +Jer 24:7; Eze 11:19, 20

Ezekiele 14:13

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “ke robe melamu ya bohobe.” Mohlomong ho buuwa ka melamu eo ho neng ho hakwa bohobe ho yona.

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 26:26
  • +Esa 3:1; Jer 15:2
  • +Jer 7:20

Ezekiele 14:14

Mangolo a Dithupiso

  • +Ge 6:8, 9; Heb 11:7
  • +Dan 10:11
  • +Job 1:8; 42:8
  • +Pr 11:4; Jer 15:1; 2Pe 2:9

Indexes

  • Research Guide

    Tora ya ho Lebela (E Ithutwang),

    2/2018, maq. 3-7

Ezekiele 14:15

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “di ba nkele bana ba bona.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 26:22; Jer 15:3

Ezekiele 14:17

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 26:25; Jer 25:9; Eze 21:3
  • +Sof 1:3

Ezekiele 14:19

Mangolo a Dithupiso

  • +De 28:21, 22

Ezekiele 14:20

Mangolo a Dithupiso

  • +Ge 7:1
  • +Dan 10:11
  • +Job 1:8; 42:8
  • +Eze 18:20; Sof 2:3

Ezekiele 14:21

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “diketso tsa ka tsa kahlolo tse kotsi.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Jer 15:2
  • +Eze 5:17; 33:27
  • +Jer 32:43

Ezekiele 14:22

Mangolo a Dithupiso

  • +De 4:31; 2Kr 36:20; Eze 6:8; Mik 5:7

Ezekiele 14:23

Mangolo a Dithupiso

  • +Ne 9:33; Jer 22:8, 9; Eze 9:9; Dan 9:7

Diphetolelo Tse Ding

Penya temana e le hore o bone ditemana tse tsamaisanang le yona.

Tse Ding

Ezek. 14:1Eze 33:30, 31
Ezek. 14:32Ma 3:13; Esa 1:15; Jer 11:11
Ezek. 14:5Jer 2:5
Ezek. 14:6Esa 55:7
Ezek. 14:7Jer 21:1, 2; Eze 33:31
Ezek. 14:8Le 20:2, 3
Ezek. 14:91Ma 22:21, 22; Jer 4:10; 2Th 2:10, 11
Ezek. 14:11Jer 24:7; Eze 11:19, 20
Ezek. 14:13Le 26:26
Ezek. 14:13Esa 3:1; Jer 15:2
Ezek. 14:13Jer 7:20
Ezek. 14:14Ge 6:8, 9; Heb 11:7
Ezek. 14:14Dan 10:11
Ezek. 14:14Job 1:8; 42:8
Ezek. 14:14Pr 11:4; Jer 15:1; 2Pe 2:9
Ezek. 14:15Le 26:22; Jer 15:3
Ezek. 14:17Le 26:25; Jer 25:9; Eze 21:3
Ezek. 14:17Sof 1:3
Ezek. 14:19De 28:21, 22
Ezek. 14:20Ge 7:1
Ezek. 14:20Dan 10:11
Ezek. 14:20Job 1:8; 42:8
Ezek. 14:20Eze 18:20; Sof 2:3
Ezek. 14:21Jer 15:2
Ezek. 14:21Eze 5:17; 33:27
Ezek. 14:21Jer 32:43
Ezek. 14:22De 4:31; 2Kr 36:20; Eze 6:8; Mik 5:7
Ezek. 14:23Ne 9:33; Jer 22:8, 9; Eze 9:9; Dan 9:7
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • E bale ka phetolelo ena Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Ezekiele 14:1-23

Ezekiele

14 Baholo ba bang ba Iseraele ba tla ho nna yaba ba dula ka pela ka.+ 2 Jehova a bua le nna a re: 3 “Mora motho, banna bana ba ikemiseditse ho rapela ditshwantsho tsa bona tse nyonyehang* ebile ba behile leraba le etsang hore batho ba bang ba etse sebe. Na ke ba arabe ha ba mpotsa?+ 4 Ba bolelle hore Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Haeba Moiseraele a ikemiseditse ho rapela ditshwantsho tse nyonyehang, a beha leraba le etsang hore batho ba bang ba etse sebe ebe o kopa thuso ho moprofeta, tsela eo nna Jehova ke tla mo araba ka yona e tla lekana le medimo ya hae e mengata ya ditshwantsho e nyonyehang. 5 Ke tla tshosa Baiseraele hobane kaofela ha bona ba ntahlile mme ba latetse medimo ya bona ya ditshwantsho e nyonyehang.’+

6 Bolella Baiseraele hore Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Kgutlelang ho nna le be le tlohele ho rapela ditshwantsho tsa lona tse nyonyehang. Le kgaotse ho etsa dintho tsohle tse mpe.+ 7 Haeba Moiseraele kapa moditjhaba ya dulang Iseraele a tlohela ho ntshebeletsa, a ikemiseditse ho rapela ditshwantsho tse nyonyehang ebile a behile leraba le etsang hore batho ba bang ba etse sebe ebe o kopa thuso ho moprofeta wa ka,+ nna Jehova ke tla mo araba. 8 Ke tla ahlola motho eo ke be ke etse mohlala ho lemosa ba bang. Ke tla mo bolaya setjhabeng sa ka+ mme le tla tseba hore ke nna Jehova.

9 Empa haeba moprofeta eo a dumela ho thetswa ebe o a araba, ke nna Jehova ya thetsitseng moprofeta eo.+ Ke tla mo bolaya hara setjhaba sa ka sa Iseraele. 10 Ba tla fumana ditlamorao tsa diphoso tsa bona. Moprofeta le motho eo a neng a tlo kopa thuso ho yena, ba molato. 11 Ka lebaka leo, Baiseraele ba tla kgutlela ho nna mme ba tlohele ho itshilafatsa ka ho tlohela dibe tsohle tseo ba di etsang. E tla ba setjhaba sa ka, nna ke tla ba Modimo wa bona,’+ ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong.”

12 Jehova a boela a re ho nna: 13 “Mora motho, haeba batho ba naha ba ntshitelwa ka hore ba se ke ba ntshepahalla, ke tla ba fa kotlo ka hore ke fedise dijo*+ tsa naha. Ke tla tlisa tlala naheng+ ke be ke fedise batho le diphoofolo.+ 14 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: “Le haeba banna bana ba bararo e leng Noe,+ Daniele+ le Jobo+ ba ne ba dula naheng eo, ke bona feela ba neng ba tla pholoha hobane ba lokile.+

15 Kapa a re re ke tlisa diphoofolo tse hlaha tse kotsi naheng eo hore di bolaye baahi ba bangata* e le hore ho se ke ha eba le batho ba ka fetang naheng eo ka lebaka la diphoofolo tseo.+ 16 Ke a ikana hore le haeba banna bao ba bararo ba ne ba dula naheng eo, ba ne ba ke ke ba kgona ho pholosa bara le baradi ba bona. Ba ne ba tla pholoha ba le bang mme naha e ne e tla fediswa,” ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong.

17 “Kapa a re re ke tlisa sabole naheng eo+ mme ke re: ‘Sabole e ke e tle naheng ena,’ e bolaye batho le diphoofolo.+ 18 Le haeba banna bao ba bararo ba ne ba dula naheng eo, ke a ikana hore ba ne ba ke ke ba kgona ho pholosa bara le baradi ba bona. Ba ne ba tla pholoha ba le bang,” ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong.

19 “Kapa a re re ke tlisa lefu la sewa naheng+ le ho ntshetsa bohale ba ka ho yona ka hore ke bolaye batho le diphoofolo. 20 Le haeba Noe,+ Daniele+ le Jobo+ ba ne ba dula naheng eo, ke a ikana hore ba ne ba ke ke ba kgona ho pholosa bara le baradi ba bona. Ke bona feela ba neng ba tla pholoha hobane ba lokile,” ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong.+

21 “Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Dintho tsena kaofela di tla etsahala ha ke romela dikotlo* tsa ka tse nne+ Jerusalema e leng sabole, tlala, diphoofolo tse hlaha tse kotsi le lefu la sewa+ e le hore ke bolaye batho le diphoofolo.+ 22 Le ha ho le jwalo, ho na le batho ba bang ba tla phonyoha mme ba ntshwe naheng eo+ le bara le baradi ba bona. Ba tla tla ho lona mme etlare ha le bona diketso tsa bona, le tla utlwisisa hore na ke hobaneng ha ke tlisitse tlokotsi eo Jerusalema.’”

23 “Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Le tla tshediseha ha le bona diketso tsa bona+ mme le tla utlwisisa hore ha ke a etsa dintho tseo ntle ho lebaka.’”

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share