Ezekiele
28 Jehova a boela a bua le nna a re: 2 “Mora motho, bolella moetapele wa Tire hore Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re:
‘Boikgohomoso ba hao+ bo etsa hore o nne o re, “Ke modimo.
Ke dula teroneng ya modimo bohareng ba lewatle.”+
Empa ha o modimo, o motho
Le hoja ka pelong ya hao o inka o le modimo.
4 O bile morui ka lebaka la temoho le bohlale ba hao
Hape o ntse o ipokellela kgauta le silevera matlotlong a hao.+
5 Bokgoni ba hao ba ho etsa kgwebo bo entse hore o rue haholo,+
O ne o ikgohomosa hobane o le morui.’”
6 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re:
“Ka ha o nahana hore o modimo,
7 Ke tla etsa hore baditjhaba ba tswang ditjhabeng tse sehloho ka ho fetisisa ba o hlasele,+
Ba tla sebedisa disabole ba senye dintho tsohle tseo o di fumaneng ka lebaka la bohlale ba hao
Ba be ba senye botle ba hao.+
9 Na o tla nne o re, ‘Ke modimo’ ho motho ya o bolayang?
Ho batho ba o silafatsang, o tla ba motho feela eseng modimo.”
10 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: “Baditjhaba ba tla o bolaya jwalo ka motho ya sa bollang,
Ke nna ya tjhong jwalo.”
11 Jehova a bua le nna hape a re: 12 “Mora motho, binela morena wa Tire kodiyamalla* o re: ‘Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re:
13 O ne o le Edene serapeng sa Modimo.
O ne o kgabisitswe ka majwe ohle a bohlokwa
E leng rubi, topaze, jaspere, krisolite, onikse, jade, safire, thekoise+ le emeralde.
Majwe ao a ne a dutse hara kgauta.
Ke a entse ka letsatsi leo o bopilweng ka lona.
14 Ke o kgethile ka ba ka o tlotsa hore o be kerubime e sireletsang.
O ne o le thabeng e halalelang ya Modimo+ ebile o tsamaya hodima majwe a tukang.
15 Ho tloha letsatsing leo o bopilweng ka lona o ne o se na molato,
Ho fihlela o qala ho etsa dintho tse sa lokang.+
Ka lebaka leo, ke tla o tlosa thabeng ya Modimo ke be ke o fedise jwalo ka ntho e ditshila,+
Ke o tlose le majweng a tukang, wena lengeloi le sireletsang.
17 O ile wa ikgohomosa hobane o le motle.+
Kganya ya hao e sentse le bohlale boo o neng o ena le bona.+
Ke tla o lahlela lefatsheng.+
Ke o etse sebonwang ka pela marena.
18 O silafaditse dibaka tsa hao tse halalelang ka diphoso tsa hao tse ngata le ka ho etsa dikgwebo tse sa tshepahaleng.
Ke tla romela mollo ho wena hore o o tjhese,+
Ke o etse molora lefatsheng ka pela batho bohle ba o bonang.
19 Batho bohle ba o tsebang ba tla o makalla.+
O tla fediswa ka sehloho ka ho panya ha leihlo
Ebile o ke ke wa hlola o eba teng.”’”+
20 Jehova a bua le nna hape a re: 21 “Mora motho, profetela Sidone+ molaetsa wa kahlolo. 22 O mo bolelle hore Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re:
‘Ke tla o ahlola wena Sidone ke be ke halaletswe ka lebaka la seo ke tla o etsa sona.
Batho ba tla tseba hore ke nna Jehova ha ke o ahlola ebile ke halaletswa ka lebaka la hao.
23 Ke tla o tlisetsa mafu a bolayang, diterata tsa hao di tla tlala madi.
Ke tla bolaya batho ba bangata motseng wa hao ka sabole e tswang mahlakoreng ohle.
Ba tla tseba hore ke nna Jehova.+
24 Baiseraele ha ba sa tla hlola ba songwa ke ditjhaba tse ba potolohileng, tse ba utlwisang bohloko ka meutlwa e kang dihlabahlabane.+ Batho ba tla tseba hore ke nna Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle.
25 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: “Ke tla halaletswa hara Baiseraele ka pela ditjhaba+ ha ke ba bokella hape ho tswa ditjhabeng tseo ba neng ba hasantswe ho tsona.+ Ba tla dula naheng ya bona+ eo ke e fileng mohlanka wa ka Jakobo.+ 26 Ba tla dula ba sireletsehile ho yona,+ ba hahe matlo ba be ba leme dirapa tsa morara.+ Ba tla phela ka kgotso ha ke ahlola ditjhaba tse ba potolohileng tse ba somang.+ Ba tla tseba hore ke nna Jehova Modimo wa bona.”’”