Lengolo la Pele le Yang ho Bakorinthe
5 Ke utlwile hore hara lona ho na le ba etsang boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano.*+ Le batho bao e seng badumedi ha ba etse boitshwaro bo bobe jwalo ba hore monna a nke mosadi wa ntate wa hae.+ 2 Le utlwa le se rata sebe see? Na ha ho molemo hore le utlwe bohloko+ e le hore motho ya entseng sebe see a tloswe hara lona?+ 3 Le hoja ke le siyo moo ka nama, ke teng ka moya* ebile ke se ke ahlotse motho ya entseng ntho ena jwalo ka ha eka ke ne ke le teng. 4 Ha le bokane ka lebitso la Morena wa rona Jesu, le tsebe hore ke na le lona ka moya le hore ke fuwe matla ke Morena wa rona Jesu. 5 Le fane ka motho ya jwalo ho Satane+ e le hore tshusumetso e mpe eo a e tlisitseng ka phuthehong e tloswe mme moya o motle wa phutheho o bolokwe letsatsing la Morena.+
6 Ha se hantle hore ebe le ikotla sefuba ka boemo bona. Na ha le tsebe hore tomoso e nyenyane e bedisa hlama kaofela?+ 7 Tlosang tomoso ya kgale e le hore le ka ba hlama e ntjha hobane ha le a lokela ho ba le tomoso. Etswe Kreste konyana ya rona ya Paseka+ o entswe sehlabelo.+ 8 Ka lebaka leo, a re se keng ra keteka mokete ona+ ka tomoso ya kgale kapa ka tomoso ya bobe le bokgopo empa re o keteke ka mahobe a se nang tomoso a botshepehi le nnete.
9 Lengolong la ka ke ile ka le ngolla hore le kgaotse ho itswakanya le batho ba tlwaetseng ho etsa* boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano.* 10 Ke ne ke sa bue ka batho ba lefatshe lena ba tlwaetseng ho etsa* boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano,*+ ba meharo, bao e leng mashodu kapa ba rapelang ditshwantsho. Ho seng jwalo, le ne le tla lokela ho tswa lefatsheng.+ 11 Empa ke le ngolla hore le kgaotse ho itswakanya le mang kapa mang+ ya tsejwang e le ngwanabo rona ya tlwaetseng ho etsa* boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano,* ya sa kgotsofaleng,*+ ya rapelang ditshwantsho, ya ditlhapa, ya tahwang+ kapa ya utswang.+ Esita le ho ja le se ke la ja le motho ya jwalo. 12 Ha se mosebetsi wa ka ho ahlola ba ka ntle ho phutheho. Na ha le a lokela ho ahlola ba ka hare 13 ebe Modimo yena o ahlola ba ka ntle?+ “Tlosang moetsadibe eo hara lona.”+