Dipesaleme
O apere botle.
Jehova o apere matla,
O itlamme ka ona jwalo ka lebanta.
Lefatshe* le tiisitswe ka thata,
Le ke ke la sisinngwa.
2 Terone ya hao e ile ya tiiswa ka thata ho tloha kgale.+
Haesale o le teng.+
3 Jehova, dinoka di tletse,
Di tletse ebile di etsa lerata.
Di ntse di tlala le ho kgahlellana.
4 O phahame ho feta modumo wa metsi a mangata,
O moholo ho feta maqhubu a matla a lewatle,+
Jehova o phahame mahodimong.+
5 Melao* ya hao e tshepahala haholo.+
Jehova, ntlo ya hao e ntle ebile e a halalela+ ka dinako tsohle.