Jobo
36 Elihu a boela a re:
2 “Ke kopa o se ke wa fela pelo ha ke ntse ke bua,
Ha ke eso qete ho buella Modimo.
4 Dintho tseo ke di buang ke nnete.
Di tswa ho ya nang le tsebo e phethahetseng.+
5 Ka nnete Modimo o matla+ ebile ha ho na motho eo a mo lahlang.
O na le kutlwisiso e kgolo.
7 O dula a shebile batho ba lokileng,+
O ba beha diteroneng le marena*+ mme ba tla phahamiswa ka ho sa feleng.
8 Haeba batho ba lokileng ba etsa sebe ebe ba a tshwarwa
Ebile ba utlwa bohloko hobane ba tlanngwe ka diketane,
9 O tla ba bolella dintho tseo ba di entseng,
Diphoso tseo ba di entseng ka lebaka la ho ikgohomosa.
10 O bula ditsebe tsa bona e le hore ba utlwe ha a ba kgalemela
Ebile o re ba tlohele ho etsa dintho tse mpe.+
12 Empa haeba ba sa mamele, ba tla bolawa ka sabole.*+
Ba tla shwa ba se na tsebo.
13 Batho ba lahlileng Modimo* ba tla dula ba utlwile bohloko.
Ha ba kope thuso le ha a ba fa kotlo.
16 O o ntsha mathateng a o ise sebakeng se bulehileng,+
Se sa patisanang, a o tshedise+
Ka ho o behela dijo tse monate tafoleng.+
17 O tla kgotsofatswa ke kahlolo eo batho ba kgopo+ ba tla e fuwa,
Ha ba fuwa kahlolo mme ho ba le toka.
18 Empa o itlhokomele hore ho halefa ho se ke ha etsa hore o be le lehloyo+
Hape o se ke wa dumella hore ho fuwa tjotjo ho etse hore o etse dintho tse fosahetseng.
19 Na boiteko le ha e le bofe boo o bo etsang
Ba ho kopa thuso, bo tla etsa hore o se ke wa ba le matshwenyeho?+
20 O se ke wa tatela hore ebe bosiu,
Ha batho ba nyamela dibakeng tsa bona.
22 Modimo o matla haholo.
Ha ho na morupedi ya tshwanang le yena.
23 Ke mang ya kileng a mo bolella hore na a etseng*+
Kapa a re ho yena, ‘O entse ntho e fosahetseng’?+
25 Batho bohle ba e bone
Empa ba e bonela hole.
26 Modimo o moholo ho feta ka moo re nahanang ka teng.+
Ha ho na motho ya ka kgonang ho bala dilemo tsa hae.+
E nesetswa batho.
29 Ke mang ya ka utlwisisang hore na maru a entswe jwang
Le ya ka utlwisisang modumo wa ona o tswang tenteng ya hae?*+