Esaia
5 E mong o tla re: “Nna ke wa Jehova.”+
Ha e mong yena a tla ipitsa ka lebitso la Jakobo,
E mong a ingole letsohong: “Ke wa Jehova.”
O tla ipitsa ka lebitso la Iseraele.’
‘Ke nna wa pele le wa ho qetela.+
Ha ho na Modimo ntle ho nna.+
A ke a bue ka sebete, a tjho mme a mphe bopaki.+
Na ho na le motho ho tloha nakong eo ke neng ke theha setjhaba sa kgale,
Ya ka bolelang dintho tse tlang
Le tseo e leng hona di tla etsahala?
Na ha ke a le bolella kaofela ha lona le ho le tsebisa dintho tsohle esale pele?
Le dipaki tsa ka.+
Na ho na le Modimo e mong haese nna?
Tjhe, ha ho na Lefika le leng,+ ha ke tsebe le leng.’”
9 Bohle ba etsang ditshwantsho tse betlilweng ha ba na thuso,
Ditshwantsho tsa bona tseo ba di ratang di ke ke tsa ba thusa ka letho.+
Le hoja ditshwantsho tsena e le dipaki tsa bona, ha di bone letho ebile ha di tsebe letho.+
Ka hoo, ba di entseng ba tla swaba.+
10 Ke mang ya hlokang kelello hoo a ka etsang modimo kapa a etsa setshwantsho* sa tshepe
Se ke keng sa mo thusa ka letho?+
Ba ke ba phuthehe kaofela mme ba eme.
Kaofela ba tla tshoha ba be ba swabe.
12 Ya sebetsang ka tshepe o e besa mashaleng.
Ka letsoho la hae le matla+
O e kgoba ka hamore mme o a e lokisa.
O se a lapa, a fellwa ke matla.
Ha a nwe metsi ka hoo o a kgathala.
13 Mmetli wa lepolanka o otlolla kgwele e methang ebe o tshwaya moralo ka tjhoko e kgubedu.
O betla lepolanka ka tjhesele mme o tshwaya moralo ka thulusi e toroyang,
O etsa moralo wa setshwantsho sa motho+
Hore se be setle jwalo ka motho
14 Ho na le eo mosebetsi wa hae e leng ho rema dikedare.
O kgetha mofuta o itseng wa sefate, sefate sa ouku,*
O se tlohela hore se be seholo hara difate tsa moru.+
O lema sefate sa lorele mme pula e etsa hore se hole.
15 Ka mora moo, se fetoha patsi eo motho a ka besang mollo ka yona.
E nngwe o iphuthumatsa ka yona.
O besa mollo ebe o pheha bohobe.
Empa o boetse o etsa modimo mme o a mo inamela.
O etsa setshwantsho se betlilweng ka yona mme o a se kgumamela.+
16 Halofo ya sona o e tjhesa mollong.
Ka halofo eo o besa nama eo a e jang ebe o a kgora.
Hape o a iphuthumatsa mme o re:
“Eke! Ke futhumetse ha ke ntse ke shebile malakabe.”
17 Empa se setseng o se etsa modimo, o se etsa setshwantsho sa hae se betlilweng.
O a se kgumamela le ho se rapela.
O a se rapela o re:
“Ntopolle hobane o modimo wa ka.”+
18 Ha ba tsebe letho, ha ba utlwisise letho.+
Ka ha mahlo a bona a kwetswe, ha ba bone
Le dipelo tsa bona ha di na temoho.
19 Ha ho na ya nang le tsebo kapa kutlwisiso
Kapa ya reng ka pelong:
“Ke besitse halofo ya sona mollong,
Ka mashala a sona ka pheha bohobe, ka besa nama ka ja.
Na jwale ka se setseng ke tla etsa ntho e nyonyehang?+
Ke kgumamele sekotwana sa patsi e ommeng?”
20 O ja molora.
Pelo ya hae e thetsitsweng e mo kgelositse.
A ke ke a pholosa bophelo ba hae kapa a re:
“Ho na le leshano ka letsohong la ka le letona.”
21 “Hopola dintho tsena, wena Jakobo, wena Iseraele
Hobane o mohlanka wa ka.
Ke o entse mme o mohlanka wa ka.+
Wena Iseraele, nke ke ka o lebala.+
22 Ke tla kwahela* diphoso tsa hao jwalo ka ha eka di kwahetswe ka leru+
Le dibe tsa hao jwalo ka ha eka di kwahetswe ka leru le leholo.
Kgutlela ho nna hobane ke tla o lopolla.+
23 Hweletsang le thabile, lona mahodimo
Hobane Jehova o nkile kgato.
Hweletsang le thabile, lona dikarolo tse tlasetlase tsa lefatshe.
Hweletsang le nyakaletse, lona dithaba,+
Wena moru le difate tsohle tsa hao.
Jehova o lopolotse Jakobo,
O bontsha Iseraele botle ba hae.”+
“Ke nna Jehova, ke entse ntho e nngwe le e nngwe,
Ke otlolotse mahodimo ke le mong,+
Ka ala lefatshe.+
Ke mang ya neng a ena le nna?
25 Ke etsa hore dipontsho tsa ba buang dintho tse siyo* di se ke tsa atleha.
Ke nna ya etsang hore dinohe di itshware jwalo ka mahlanya,+
Ya ferekanyang banna ba bohlale
Le ya fetolang tsebo ya bona bowatla.+
26 Ke nna ya etsang hore lentswe la mohlanka wa ka le phethahale
Le ya phethang boprofeta ba baromuwa ba ka ka botlalo.+
Ke nna ya reng ka Jerusalema, ‘E tla ba le baahi’+
Le ka metse ya Juda, ‘E tla tsosoloswa+
Mme ke tla tsosa dithako tsa yona.’+
27 Ke nna ya reng ho bodiba, ‘Psha!
Ke tla pshesa dinoka tsohle tsa hao.’+
Ke nna ya reng ka Jerusalema, ‘E tla tsosoloswa’
Le ka tempele, ‘Motheo wa hao o tla ralwa.’”+