Dipesaleme
33 Hweletsang le thabile ka lebaka la Jehova, lona ba lokileng.+
Ke ntho e loketseng hore ba lokileng ba mo rorise.
Mo bineleng dithoriso ka seletsa se nang le dikgwele tse leshome.
Bapalang diletsa tse dikgwele ha monate, le ntse le hweletsa le thabile.
Lefatshe le tletse lerato* la Jehova.+
6 Mahodimo a ile a etswa ka lentswe la Jehova+
Le dintho tsohle tse ho ona di entswe ka moya* wa molomo wa hae.
7 O bokella metsi a lewatle jwalo ka letamo.+
O beha metsi a lwebehlanang ditorong.*
8 Lefatshe lohle le ke le tshabe Jehova.+
E se eka baahi ba lefatshe ba ka mo hlompha haholo.
O laetse mme dintho tsa etswa.+
10 Jehova o sentse merero ya ditjhaba.+
O thibetse merero ya batho hore e se ke ya atleha.+
11 Diqeto* tsa Jehova di tla ba teng ka ho sa feleng.+
Menahano ya pelo ya hae ha e fetohe ho tloha molokong o mong ho ya ho o mong.
13 Jehova o sheba fatshe a le lehodimong.
O bona bara bohle ba batho.+
14 O sheba ba dulang lefatsheng
A le sebakeng seo a dulang ho sona.
15 Ke yena ya bopang dipelo tsa bohle.
O hlahloba mesebetsi yohle ya bona.+
16 Morena ha a pholoswe ke ho ba le masole a mangata.+
Monna ya matla ha a pholoswe ke ho ba le matla a maholo.+
17 Pere e ke ke ya pholosa motho.*+
Matla a yona a maholo a ke ke a mo pholosa.
18 Leihlo la Jehova le shebile ba mo tshabang,+
Ba emetseng hore a ba bontshe hore o a ba rata,*
19 Hore a ba pholose lefung
Le hore a ba boloke ba phela ha ho ena le tlala.+
20 Re lebeletse hore Jehova a re thuse.
Ke mothusi wa rona le thebe ya rona.+