Jobo
2 “O tla bua ka tsela ee ho fihlela neng?+
Mantswe a hao ha a na thuso jwalo ka moya o matla.
3 Na Modimo a ka ahlola ka tsela e sa lokang,
Kapa na Ya Matla Ohle a ka senya ntho e lokileng?
4 Haeba bana ba hao ba mo sitetswe,
O ba file kotlo ka lebaka la dibe tsa bona.
5 Empa haeba o ka batla Modimo+
Mme wa kopa Ya Matla Ohle hore a o hauhele,
6 Hape haeba o ne o hlwekile ebile o lokile,+
O ne a tla o mamela
A be a o kgutlisetse sebakeng sa hao se nepahetseng.
8 Ke kopa o hlahlobe histori ya moloko o fetileng
Mme o hlokomele dintho tseo baholoholo ba wona ba di fumaneng.+
9 Rona re hlahile maobane mme ha re tsebe letho,
Matsatsi a rona lefatsheng a jwalo ka moriti.
11 Na semela sa lodi se ka hola sa ba selelele sebakeng se dulang se se na metsi?
Na lehlaka le tla hola le be le lelele ho se na metsi?
12 Le pele le thunya kapa le kguwa,
Le tla omella pele ho semela sefe kapa sefe.
13 Ho etsahala ntho e tshwanang ka batho bohle ba lebalang Modimo,
Tshepo ya ya lahlileng Modimo e tla fela,*
14 Eo tshepo ya hae e leng ya lefeela
Le ya itshepisitseng ntho e se nang thuso jwalo ka tepo* ya sekgo.
15 O tla itshetleha ka yona* empa e tla wa.
A leke ho itshwarella empa e senyehe.
18 Empa ha a ntshwa ka metso sebakeng sa hae,
Sebaka seo se tla mo latola se re, ‘Ke qala le ho o bona.’+
21 O tla boela a etse hore o thabe
Le hore molomo wa hao o hweletse ka thabo.
22 Ba o hloileng ba tla hlajwa ke dihlong
Mme tente ya ba kgopo e tla ba siyo.”