Ho motsamaisi. Pina ya Davida.
21 Jehova, morena o thabiswa ke matla a hao.+
O thaba haholo hobane o a mo pholosa.+
2 O mo file seo pelo ya hae e se lakatsang+
Ebile ha o a mo hanela ka dintho tseo a di kopileng. (Selah)
3 O mo fa ditlhohonolofatso tse ngata.
O mo rwesa korone ya kgauta e hlwekisitsweng.+
4 O o kopile bophelo mme wa mo fa bona,+
Wa mo fa bophelo bo bolelele ka ho sa feleng.
5 O hlomphuwa haholo hobane o a mo pholosa.+
O mo fa seriti le bokgabane.
6 O mo hlohonolofatsa ka ho sa feleng.+
O etsa hore a thabe hobane o na le yena.+
7 Morena o tshepa Jehova.+
A ke ke a sisinngwa le ka mohla, ka lebaka la lerato la ya Phahameng ka ho Fetisisa.+
8 Letsoho la hao le tla tshwara dira tsohle tsa hao.
Letsoho la hao le letona le tla tshwara ba o hloileng.
9 Ha o tla o tlo ba hlahloba ka nako eo o e behileng, o tla ba fedisa jwalo ka ha eka o ba lahlela mollong.
Jehova o tla ba kwenya a halefile mme mollo o tla ba fedisa.+
10 O tla fedisa ditloholo tsa bona lefatsheng,
O fedise bana ba bona hara batho.
11 Ba ne ba o reretse dintho tse mpe.+
Ba lohile mano a ke keng a atleha.+
12 O tla etsa hore ba balehe+
Ka ho ba supa ka seqha.
13 Etsa ho hong hle Jehova mme o bontshe matla a hao.
Re tla o binela dithoriso ka lebaka la matla a hao.