Buka ya Bobedi ya Bakorinthe
2 Ke entse qeto ya hore ha ke tla ho lona hape ke se ke ka le utlwisa bohloko. 2 Haeba ke le utlwisa bohloko, ke mang ya tla nthabisa? 3 Ke le ngoletse lengolo e le hore ha ke tla ho lona ke se ke ka utlwa bohloko ka lebaka la lona empa ke thabe hobane ke kgodisehile hore dintho tse nthabisang ke tse le thabisang le lona. 4 Ke le ngoletse ke lla haholo, ke tshwenyehile ebile pelo ya ka e utlwile bohloko haholo. Morero e ne e se ho le utlwisa bohloko+ empa e ne e le hore le tsebe hore ke le rata haholo.
5 Haeba ho na le motho ya le utlwisitseng bohloko,+ ha a utlwisa nna bohloko empa o utlwisitse lona kaofela bohloko. Ha se hore ke batla ho le hlaba ka mantswe. 6 Le mo kgalemetse ho lekane, 7 jwale le mo tshwarele ho tswa pelong le be le mo tshedise+ e le hore a se ke a utlwa bohloko haholo ebe o a nyahama.+ 8 Ke le eletsa hore le mo kgodise hore le a mo rata.+ 9 Ke le ngoletse hobane ke batla ho bona hore na le batho ba mamelang. 10 Motho eo le mo tshwarelang le nna ke a mo tshwarela. Haeba ke tshwaretse motho, ke etsa jwalo molemong wa lona ebile Kreste ke paki ya hore ke entse jwalo. 11 Re lokela ho etsa jwalo e le hore re se ke ra qhekellwa ke Satane+ hobane re tseba maqheka a hae.*+
12 Ha ke fihla Troase+ ho ya bolela ditaba tse monate tse mabapi le Kreste, ke ile ka ba le monyetla o moholo wa ho etsa mosebetsi wa Morena. 13 Ke ile ka kgathatseha ha ke sa fumane ngwaneso Tite.+ Ka hoo, ke ile ka ba sadisa hantle yaba ke ya Macedonia.+
14 A re leboheng Modimo eo ka mehla a re etellang pele re ena le Kreste jwalo ka ha eka o etella pele masole a kgutlileng ntweng a hlotse. Ditaba tse mabapi le Modimo di tshwana le monko o monate mme mosebetsi oo re o etsang o etsa hore batho bohle ba utlwe monko ona. 15 Ha re bolella batho ka Kreste, re tshwana le monko o monate ho Modimo. Monko ona o fihla ho batho ba pholoswang le ba timelang. 16 Ho ba timelang, monko oo ke monko wa lefu o bolayang+ empa ho ba pholoswang, monko oo ke monko wa bophelo o phedisang. Ke mang ya tshwanelehang bakeng sa mosebetsi oo? 17 Ke rona ba tshwanelehang hobane ha re rekise lentswe la Modimo+ jwalo ka ha batho ba bangata ba etsa empa re bua ka botshepehi jwalo ka balatedi ba Kreste. Re ronngwe ke Modimo ebile re etsa mosebetsi ona Modimo a ntse a re shebile.