Kosepele ya Johanne
9 Ha Jesu a ntse a tsamaya, a bona monna ya hlahileng a sa bone. 2 Barutuwa ba re ho Jesu: “Rabi,+ ha e le moo monna eo a hlahile a sa bone, ke mang ya entseng sebe? Na ke yena kapa ke batswadi ba hae?” 3 Jesu a re: “Ha se yena kapa batswadi ba hae ba entseng sebe empa e ne e le hore ka yena batho ba ka bona mesebetsi ya Modimo.+ 4 Ha e sa ntse e le motshehare re tla etsa mosebetsi wa ya nthomileng.+ Ha bosiu bo fihla ha ho na motho ya tla sebetsa. 5 Ke nna lesedi la lefatshe ha feela ke ntse ke le lefatsheng.”+ 6 Ka mora moo, a tshwela mathe fatshe a etsa seretse ka ona yaba o mo tlotsa mahlong ka sona.+ 7 A re ho yena: “Tsamaya o yo itlhatswa letamong la Siloame” (e fetolelwang e le “Rometswe”). A tsamaya a itlhatswa yaba o kgutla a bona.+
8 Baahisani le batho ba neng ba ye ba mo bone e le mokopakopa ba re: “Monna eo ha se elwa ya neng a dula a kopa?” 9 Ba bang ba ne ba re: “Ke yena.” Ba bang ba re: “Tjhe, o mpa a tshwana le yena.” Empa yena a re: “Ke nna.” 10 Ba re ho yena: “Ho tla jwang hore ebe o se o bona?” 11 A re: “Monna ya bitswang Jesu o ile a etsa seretse a ntlotsa ka sona mahlong yaba o re ke ye letamong la Siloame ke itlhatswe.+ Ke ile ka ya, ka itlhatswa yaba ke a bona.” 12 Ba re: “O kae monna eo?” A re: “Ha ke tsebe.”
13 Ba isa monna eo ya butsweng mahlo ho Bafarisi. 14 Letsatsi leo ka lona Jesu a ileng a etsa seretse mme a bula mahlo a hae+ e ne e le Sabatha.+ 15 Bafarisi le bona ba mo botsa hore na ho tlile jwang hore a bone. A re ho bona: “O ile a ntlotsa ka seretse mahlong, ka itlhatswa yaba ke a bona.” 16 Bafarisi ba bang ba re: “Motho enwa ha a tswe ho Modimo hobane ha a mamele melao ya Sabatha.”+ Ba bang ba re: “Moetsadibe a ka etsa mehlolo ee jwang?”+ Ba fapana ka maikutlo.+ 17 Ka hoo, ba re ho monna ya neng a foufetse: “O reng ka yena hobane ke wena motho eo a mo butseng mahlo?” Monna eo a re: “Motho eo ke moprofeta.”
18 Bajuda ba ne ba sa kgolwe hore o ne a foufetse jwale o se a bona, ho fihlela ba bitsa batswadi ba hae. 19 Bajuda ba re: “Na eo ke mora wa lona? O hlahile a sa bone? Jwale ho tla jwang hore ebe o a bona?” 20 Batswadi ba hae ba re: “E, ke mora wa rona, o hlahile a foufetse. 21 Empa ha re tsebe hore na ho tla jwang hore ebe o a bona le hore na ke mang ya butseng mahlo a hae. Mo botseng. O moholo o tla kgona ho ipuella.” 22 Batswadi ba hae ba ne ba tjho jwalo hobane ba tshaba Bajuda+ ka ha Bajuda ba ne ba dumellane hore motho ya tla re Jesu ke Kreste a lelekwe ntlong ya thapelo.*+ 23 Ke ka hoo batswadi ba hae ba ileng ba re: “O moholo, mo botseng.”
24 Ba boela ba bitsa monna ya neng a sa bone ba re ho yena: “Tlotlisa Modimo. Re a tseba hore monna enwa ke moetsadibe.” 25 A re: “Hore na ke moetsadibe ha ke tsebe. Ntho eo ke e tsebang ke hore ke ne ke sa bone empa jwale ke se ke bona.” 26 Ba re ho yena: “O ile a o etsang? O butse mahlo a hao jwang?” 27 A re: “Ke le boleletse empa ha le a mmamela. Ke hobaneng ha le batla ke phete taba eo? Na le lona le batla ho ba barutuwa ba hae?” 28 Ba bua le yena ka ho tella ba re: “Wena o morutuwa wa hae empa rona re barutuwa ba Moshe. 29 Re a tseba hore Modimo o buile le Moshe empa monna enwa ha re tsebe hore na o tswa kae.” 30 Monna eo a re: “Taba ena e a makatsa. Ha le tsebe hore na o tswa kae empa a butse mahlo a ka? 31 Re a tseba hore Modimo ha a mamele baetsadibe+ empa o mamela motho ya mo hlomphang a bile a etsa thato ya hae.+ 32 Haesale ha re eso utlwele ka motho ya kileng a bula mahlo a motho ya hlahileng a sa bone. 33 Haeba monna enwa ha a tswe ho Modimo, o ne a ke ke a kgona ho etsa letho.”+ 34 Ba re ho yena: “O hlahile o le moetsadibe, jwale e se e le wena ya re rutang?” Yaba ba a mo leleka.+
35 Jesu a utlwa hore ba mo lelekile. Ha a fumana monna eo a re ho yena: “Na o dumela ho Mora motho?” 36 Monna eo a re: “Mohlomphehi, Mora motho ke mang e le hore nka dumela ho yena?” 37 Jesu a re ho yena: “O mo bone ebile ke yena ya ntseng a bua le wena.” 38 Monna eo a re: “Morena, ke dumela ho wena.” Yaba o a mo inamela. 39 Jesu a re: “Ke tlile lefatsheng e le hore lefatshe le ka ahlolwa, e le hore ba sa boneng ba ka bona+ mme ba bonang ba foufale.”+ 40 Ha Bafarisi ba neng ba ena le yena ba utlwa mantswe ana, ba re ho yena: “Na le rona re foufetse?” 41 Jesu a re ho bona: “Hoja le ne le foufetse le ka be le se na sebe. Ka ha le re le a bona, le tla dula le le baetsadibe.”+