Tshenolo e yang ho Johanne
10 Ka bona lengeloi le leng le matla le theoha lehodimong. Le ne le kwahetswe ke leru, le rwetse mookodi hloohong. Sefahleho sa lona se ne se tshwana le letsatsi+ mme maoto a lona a tshwana le dipilara tsa mollo. 2 Le ne le tshwere moqolo o monyenyane o phutholotsweng. Leoto la lona le letona le ne le le lewatleng empa le letshehadi le le lefatsheng. 3 La hweletsa jwalo ka tau ha e puruma.+ Ha le hweletsa, diaduma tse supileng+ tsa bua.
4 Ha diaduma tse supileng di bua, ke ne ke le mothating wa ho ngola empa ka utlwa lentswe le tswang lehodimong+ le re: “O se ke wa ngola dintho tse builweng ke diaduma tse supileng empa o di boloke e le lekunutu.” 5 Lengeloi leo ke boneng le eme hodima lewatle le lefatshe la phahamisetsa letsoho la lona le letona lehodimong. 6 La ikana ka ya phelang ka ho sa feleng,+ ya bopileng lehodimo, lefatshe, lewatle le dintho tsohle tse ho tsona.+ La re: “Modimo a ke ke a hlola a dieha. 7 Ha lengeloi la bosupa+ le le haufi le ho letsa terompeta ya lona,+ lekunutu le halalelang+ la ditaba tse monate le tla phethahala. Modimo o ile a le bolella bahlanka ba hae ba baprofeta.”+
8 Lentswe le tswang lehodimong+ la bua le nna hape la re: “Eya ho lengeloi le emeng hodima lefatshe le lewatle, o nke moqolo o phutholotsweng o ho lona.”+ 9 Ke ile ka ya ho lengeloi, ka le bolella hore le mphe moqolo oo o monyenyane. La re ho nna: “O nke o o je.+ O tla etsa hore ho be bohloko ka mpeng ya hao empa ka hanong o tla ba monate jwalo ka mahe a dinotshi.” 10 Ka nka moqolo o monyenyane o letsohong la lengeloi ka o ja.+ O ne o le monate jwalo ka mahe a dinotshi+ empa ha ke se ke o jele, mpa ya ka ya eba bohloko. 11 Ka utlwa ho thwe ho nna: “O boele o profete ka dintho tse tla hlahela batho ba ditjhaba, dipuo, merabe e fapaneng ha mmoho le marena a mangata.”