Dipesaleme
Ho motsamaisi. E binwe ka modumo wa “O se ke wa Senya.” Pesaleme ya Davida. Miktame.*
58 Na le ka bua ka ho loka empa le kgutsitse?+
Na le ka ahlola ka toka, lona bara ba batho?+
3 Ba kgopo ba tswa tseleng ho tloha ha ba tswalwa.*
Ha ba laolehe, ba bua leshano ho tloha ha ba hlaha.
4 Tjhefo ya bona e tshwana le ya dinoha.+
Ha ba utlwe ditsebeng jwalo ka noha ya masumu e ithibang ditsebe.
5 E ke ke ya mamela lentswe la ba tsherehanyang dinoha,
Ho sa tsotellehe hore na ba na le bokgoni hakae.
6 Modimo, ba ntshe meno.
Roba mehlahare ya ditau tsena hle Jehova.
7 E se eka ba ka nyamela jwalo ka metsi a phallang.
E se eka Modimo a ka koba seqha sa hae mme a ba diha ka metsu ya hae.
8 E se eka ba ka tshwana le kgofu e haufi le ho shwa.*
Ba tshwane le ngwana ya hlahang a sa phele, ya eso ka a bona letsatsi le ka mohla.
9 Pele dipitsa tsa lona di utlwa motjheso wa sehlahla sa monokotshwai,
O tla fiela thupa e mongobo le e tukang jwalo ka moya wa sefefo.+
10 Ya lokileng o tla thaba hobane a bone ha Modimo a iphetetsa.+
Maoto a hae a tla tlala madi a ba kgopo.+
11 Ka hoo batho ba tla re: “Ho na le moputso bakeng sa ba lokileng.+
Ho na le Modimo ya ahlolang lefatsheng.”+