Dipesaleme
Ho motsamaisi wa Jeduthune.* Pesaleme ya Asafe.+ Pina.
77 Ke tla hweletsa Modimo ka lentswe la ka.
Ke tla hweletsa Modimo mme o tla nkutlwa.+
2 Ha ke le matshwenyehong ke batla thuso ho Jehova.+
Ke otlollela matsoho a ka ho yena bosiu ke sa kgaotse.
Ha ke tshedisehe.
3 Ha ke hopola mesebetsi ya Modimo, ke a mo hlolohelwa.+
Ke khathatsehile ebile ke fellwa ke matla.+ (Selah)
4 O etsa hore ke dule ke butse mahlo.
Ke tshwenyehile ebile ha ke kgone ho bua.
Ke a batlisisa.
8 Na lerato la hae le fedile ka ho sa feleng?
Na ha ho na moloko o tla bona ha tshepiso ya hae e phethahala?
10 Na ke tla dula ke ntse ke re: “Ena ke yona ntho e ntshwenyang:*+
Ya Phahameng ka ho Fetisisa o re fetohetse”?
11 Ke tla hopola mesebetsi ya Jah.
Ke tla hopola diketso tsa hao tse hlollang tseo o ileng wa di etsa kgale.
13 Modimo, ditsela tsa hao di a halalela.
Modimo, ke modimo ofe e moholo jwalo ka wena?+
14 O Modimo wa nnete, ya etsang dintho tse hlollang.+
O bontshitse batho matla a hao.+
16 Modimo, metsi a o bone.
Metsi a o bone yaba a a ferekana.+
Metsi a tebileng a ile a tsukutleha.
17 Maru a nesitse pula.
Mahodimo a thwathwaretsa,
Lehadima la hao la phatsima hohle jwalo ka metsu.+
18 Modumo wa seaduma+ sa hao o ne o le jwalo ka mabidi a koloi ya ntwa.
Ho benya ha lehadima ho ile ha kgantsha lefatshe.+
Lefatshe le ile la tsukutleha le ho reketla.+
Empa mehato ya hao e ne e sa bonahale.