Diproverbia
1 Maele a Solomone+ morena wa Iseraele,+ mora wa Davida:+
2 Maele ana a ngoletswe hore motho a ithute* bohlale+ le ho mamela kgalemelo,*
A utlwisise dipolelo tse tebileng,*
3 A amohele tayo+ e fanang ka kutlwisiso e tebileng,
E mo thusang ho ba motho ya lokileng,+ ho kgona ho ahlola ka toka+ le ho tshepahala,*
4 A fa ba se nang boiphihlelo bohlale,+
A fa mohlankana tsebo le bokgoni ba ho nahana.+
5 Motho ya bohlale o a mamela mme o tswela pele ho ithuta,+
Motho ya nang le kutlwisiso o fumana tataiso e nepahetseng.*+
8 Mora wa ka, o mamele ha ntate wa hao a o kgalemela.+
O se ke wa lahla dintho tseo mme wa hao a o rutileng tsona.*+
10 Mora wa ka, haeba baetsadibe ba leka ho o hohela, o se ke wa dumela.+
11 Haeba ba re: “A re ye.
A re ba lalleng e le hore re ba bolaye.
Re tla ipata, re lalle ba hlokang molato.
12 Re tla ba kwenya ba phela feela jwalo ka Lebitla,*
Re ba kwenye ba feletse jwalo ka ba theohelang ka sekoting.
13 A re nkeng matlotlo ohle a bona,
Re tla tlatsa matlo a rona ka thepa eo re e hapileng.
15 Mora wa ka, o se ke wa tsamaya le bona.
O se ke wa hata mehlaleng ya bona.+
17 Ha ho na thuso ho tjhehela nonyana leraba moo e ntseng e bona.
18 Ke ka hoo baetsadibe ba lallang batho ba se nang molato hore ba ba bolaye,
Ba a ipata e le hore ba ba timetse.
20 Bohlale ba nnete+ bo hweletsa seterateng.+
Bo ntse bo phahamisa lentswe dimmarakeng.+
22 “Lona ba se nang tsebo, le tla rata ho hloka tsebo ho fihlela neng?
Lona basomi, le tla thabela ho soma ho fihlela neng?
Lona ba se nang kelello, le tla hloya tsebo ho fihlela neng?+
23 Mamelang ha ke le kgalemela*+
Mme ke tla le fa bohlale,*
Ke tla le thusa ho utlwisisa mantswe a ka.+
25 La nna la iphapanyetsa dikeletso tsa ka
Mme la hana kgalemelo ya ka,
26 Le nna ke tla le tsheha ha le hlahelwa ke koduwa,
Ke tla le soma ha tlokotsi e tla,+
27 Ha tlokotsi e tla jwalo ka sefefo,
Le koduwa ya lona e fihla jwalo ka setsokotsane,
Ha le hlahelwa ke ditsietsi le mahlomola.
28 Ka nako eo ba tla nne ba mpitse empa nke ke ka araba,
Ba tla mpatla ba be ba kgathale*+
30 Ba hanne keletso ya ka,
Ba nyefotse kgalemelo yohle ya ka.
32 Hobane ba se nang boiphihlelo ba tla bolawa ke ho tswa taolong,
Ba se nang kelello ba bolawe ke ho se tsotelle.