Dipesaleme
Mo roriseng phuthehong ya ba tshepahalang.+
2 Baiseraele ba ke ba thabe ka lebaka la Moetsi wa bona e Moholo.+
Bara ba Sione ba ke ba thabe ka lebaka la Morena wa bona.
3 Ba ke ba rorise lebitso la hae ka ho tantsha,+
Ba mo binele dithoriso ka moropa o monyenyane le ka harepa.+
4 Jehova o rata batho ba hae.+
O tlotla ba bonolo ka ho ba pholosa.+
5 Ba tshepahalang ba ke ba thabe ka lebaka la kganya eo a ba fang yona.
Ba ke ba hweletse ba thabile dibetheng tsa bona.+
6 Ba binele Modimo dithoriso ka melomo ya bona,
Ba tshware sabole e sehang ka mahlakore a mabedi,
7 Eo ba tla iphetetsa ka yona ho ditjhaba
Le ho kgalemela ditjhaba ka yona
8 Hore ba tlame marena a tsona
Le bahlomphehi ba tsona ka diketane
Tlotla ena e tshwanela bohle ba mo tshepahallang.
Rorisang Jah!*