Jobo
29 Jobo a boela a re:
2 “Ekare nka kgutlela dikgweding tse fetileng,
Nakong eo Modimo a neng a ntshireleditse.
3 Ha a ne a etsa hore lebone la hae le kganye hloohong ya ka,
A nkgantshetsa nakong eo ke neng ke tsamaya lefifing.+
9 Dikgosana di ne di thola,
Di beha matsoho molomong.
11 Motho le ha e le ofe ya neng a nkutlwa ha ke bua o ne a mpabatsa,
Ba neng ba mpona ba ne ba bua hantle ka nna.
12 Ke ne ke pholosa bafutsana ba kopang thuso+
Le dikgutsana* ha mmoho le mang kapa mang ya neng a se na motho ya mo thusang.+
14 Ke ne ke apara ho loka jwalo ka diaparo.
Toka ya ka e le jwalo ka seaparo se selelele* le tuku.
15 Ke ne ke le mahlo ho batho ba sa boneng,
Ke le maoto ho ba holofetseng.
16 Ke ne ke le ntate wa bafutsana.+
Ke ne ke batlisisa nyewe ya batho bao ke sa ba tsebeng e le hore ke ba thuse.+
17 Ke ne ke pshatla mehlahare ya batho ba etsang dintho tse mpe,+
Ke pholosa batho bao ba ba hlorisang.
18 Ke ne ke tlwaetse ho re, ‘Ke tla shwella ka tlung ya ka,+
Matsatsi a bophelo ba ka a tla ba mangata jwalo ka lehlabathe.
19 Metso ya ka e tla namela ka metsing
Le phoka e dule hodima makala a ka bosiu kaofela.
20 Kganya ya ka e dula e ntjhafatswa,
Seqha se letsohong la ka se tla dula se betsa.’
22 Ka mora hore ke bue, ho ne ho se na letho leo ba ka le buang.
Mantswe a ka a ne a le monate* ditsebeng tsa bona.
23 Ba ne ba nkemela jwalo ka pula,
Ba lakatsa seo ke tla se bua jwalo ka ha eka ba emetse pula ya selemo.+
24 Ha ke ne ke ba bososella, ba ne ba sa kgolwe.
Ha ba bona sefahleho sa ka ba kgothala.*