Kosepele ya Johanne
3 Ho ne ho ena le monna e mong wa Mofarisi ya bitswang Nikodemase.+ E ne e le moetapele wa Bajuda. 2 A tla ho Jesu bosiu+ yaba o re ho yena: “Rabi,+ re a tseba hore o mosuwe ya rometsweng ke Modimo hobane ha ho na motho ya ka etsang mehlolo ena+ ntle le ha a tsheheditswe ke Modimo.”+ 3 Jesu a re ho yena: “Ke a o tiisetsa hore ha motho a sa tswalwe hape+ a ke ke a bona Mmuso wa Modimo.”+ 4 Nikodemase a re: “Motho a ka tswalwa jwang a se a le moholo? Ha ho na motho ya ka kgutlelang ka popelong ya mme wa hae yaba o tswalwa hape.” 5 Jesu a re: “Ke a o tiisetsa hore ha ho na motho ya tla kena Mmusong wa Modimo a sa tswalwa ka metsi+ le ka moya.+ 6 Se tswetsweng ka nama ke nama, se tswetsweng ka moya ke moya. 7 O se ke wa mmakalla ha ke re le tlameha ho tswalwa hape. 8 Moya o fokela moo o batlang. Motho o utlwa modumo wa wona empa ha a tsebe hore na o tswa kae le hore na o ya kae. Ho jwalo le ka bohle ba tswetsweng ka moya.”+
9 Nikodemase a re ho yena: “Dintho tsee di ka etsahala jwang?” 10 Jesu a re: “Ho tla jwang hore ebe o mosuwe wa Iseraele empa o sa tsebe dintho tsee? 11 Ke a o tiisetsa hore re bua ntho eo re e tsebang ebile re paka ntho eo re e boneng empa lona ha le amohele bopaki boo re fanang ka bona. 12 Haeba ha le a ka la dumela ha ke le bolella dintho tsa lefatshe, le tla dumela jwang ha ke le bolella tsa lehodimo? 13 Ha ho motho ya nyolohetseng lehodimong+ haese ya theohileng teng+ e leng Mora motho. 14 Mora motho o tla phahamiswa+ feela jwalo ka ha Moshe a ile a phahamisa noha lefeelleng+ 15 e le hore bohle ba dumelang ho yena ba ka fumana bophelo bo sa feleng.+
16 Modimo o ratile lefatshe haholo hoo a ileng a fana ka Mora wa hae ya mong*+ e le hore e mong le e mong ya bontshang hore o dumela ho yena a se ke a timetswa empa a fumane bophelo bo sa feleng.+ 17 Modimo ha a romela Mora wa hae lefatsheng hore a ahlole lefatshe empa hore lefatshe le pholoswe ka yena.+ 18 Motho ya bontshang hore o dumela ho yena a ke ke a ahlolwa.+ Ya sa bontsheng tumelo o se a ahlotswe hobane ha a bontsha tumelo lebitsong la Mora ya mong wa Modimo.+ 19 Lesedi le tlile lefatsheng+ empa batho ba ratile lefifi ho ena le lesedi ka ha mesebetsi ya bona e ne e le mebe, ke ka hoo ba tla ahlolwa. 20 Ya tlwaetseng ho etsa dintho tse fosahetseng o hloile lesedi mme ha a tle leseding e le hore mesebetsi ya hae e se ke ya senolwa.* 21 Empa ya etsang dintho tse lokileng o tla leseding+ e le hore mesebetsi ya hae e ka bonahatswa hore e dumellana le thato ya Modimo.”
22 Ka mora moo, Jesu le barutuwa ba hae ba ya Judea yaba o qeta nako a le moo le bona a bile a ntse a kolobetsa batho.+ 23 Johanne le yena o ne a kolobetsa batho a le Aenone haufi le Salime hobane metsi a le mangata moo.+ Batho ba ne ba tla ho yena ho tla kolobetswa.+ 24 Ka nako eo, Johanne o ne a eso kwallwe teronkong.+
25 Barutuwa ba Johanne ba pheha kgang le Mojuda e mong ka taba ya tlhwekiso. 26 Ba ya ho Johanne ba re: “Rabi, motho yane eo o re boleletseng ka yena eo o neng o ena le yena ka nqane ho Jordane,+ o ntse a kolobetsa batho mme batho bohle ba ya ho yena.” 27 Johanne a re: “Ha ho ntho eo motho a ka bang le yona ntle le ha a e filwe ho tswa lehodimong. 28 Le a tseba hore ke itse ha ke Kreste+ empa ke rometswe pele ho yena.+ 29 Monyaduwa ke wa monyadi.+ Empa ha motswalle wa monyadi a eme haufi mme a mo utlwa, o thaba haholo. Ka hoo ke thabile haholo. 30 Mosebetsi wa hae o tla nne o eketsehe ha wa ka o fokotseha.”
31 Ya tswang lehodimong+ o okametse ba bang kaofela. Ya tswang lefatsheng o bua ka dintho tsa lefatshe hobane a tswa lefatsheng. Ya tswang lehodimong o okametse ba bang kaofela.+ 32 O paka seo a se boneng le ho se utlwa+ empa ha ho motho ya amohelang bopaki ba hae.+ 33 Ya amohetseng bopaki ba hae o netefaditse* hore Modimo o bua nnete.+ 34 Motho eo Modimo a mo rometseng o bua ditaba tsa Modimo+ ka ha Modimo ha a timane ka moya wa hae. 35 Ntate o rata Mora+ mme o mo file dintho tsohle.+ 36 Ya bontshang hore o dumela ho Mora o tla fumana bophelo bo sa feleng.+ Ya sa mo mameleng a ke ke a bo fumana+ empa kgalefo ya Modimo e tla sala hodima hae.+