Kosepele ya Matheu
20 Mmuso wa mahodimo o jwalo ka mongantlo, ya ileng a tswa hoseng haholo ho ya hira basebetsi bakeng sa tshimo ya hae ya morara.+ 2 Ka mora hore a dumellane le basebetsi hore o tla ba patala denari* ka letsatsi, a ba romela tshimong ya hae ya morara. 3 Ha a tswa hape hoo e ka bang ka hora ya borobong hoseng,* a bona ba bang ba eme mmarakeng ba hloka mosebetsi. 4 Le ho bao a re: ‘Le lona eyang tshimong ya morara mme ke tla le fa eng kapa eng e loketseng.’ 5 Ka hoo ba ya. A boela a tswa hoo e ka bang ka 12 motshehare* le ka hora ya boraro motshehare wa mantsiboya* mme a hira basebetsi ba bang. 6 Qetellong, hoo e ka bang ka hora ya bohlano mantsiboya* a tswa mme a fumana ba bang ba eme yaba o re ho bona: ‘Ke hobaneng ha le eme moo letsatsi lohle le hloka mosebetsi?’ 7 Ba re ho yena: ‘Hobane ha ho na motho ya re hirileng.’ A re ho bona: ‘Le lona eyang tshimong ya ka ya morara.’
8 Ha letsatsi le dikela, monga tshimo ya morara a re ho motho ya ikarabellang: ‘Bitsa basebetsi mme o ba lefe meputso ya bona,+ ho qala ka wa ho qetela ho isa ho wa pele.’ 9 Ha banna ba hirilweng ka hora ya bohlano mantsiboya* ba tla, e mong le e mong a patalwa denari.* 10 Ka hoo, ha ba pele ba tla, ba nahana hore ba ne ba tla patalwa haholwanyane empa le bona ba patalwa denari.* 11 Ba e amohela ba ntse ba korotlela monga tshimo 12 ba re: ‘Banna ba ho qetela ba sebeditse hora e le nngwe feela empa o ba patetse moputso o lekanang le wa rona ba sebeditseng ka thata letshehare lohle hara motjheso o bataolang.’ 13 Empa ha a araba e mong wa bona a re: ‘Monna heso, ha ke o qhekelle. Na ha re a dumellana ka hore ke tla o patala denari?*+ 14 Nka moputso wa hao o tsamaye. Ke batla ho fa enwa wa ho qetela moputso o lekanang le oo ke o fileng wona. 15 Na ha ke na tokelo ya ho etsa ntho eo ke e batlang ka dintho tsa ka? Kapa o mona ha ke ba entse hantle?’*+ 16 Ka tsela ena ba ho qetela e tla ba ba pele, ba pele e be ba ho qetela.”+
17 Ha Jesu a le tseleng e nyolohelang Jerusalema, a nkela barutuwa ba 12 lekunutung yaba o re ho bona:+ 18 “Re nyolohela Jerusalema mme ba tla nehelana ka Mora motho ho baprista ba baholo le bangodi. Ba tla mo ahlolela lefu,+ 19 ba nehelane ka yena ho baditjhaba hore ba mo some, ba mo shape ba be ba mo bolaele palong.+ O tla tsoswa ka letsatsi la boraro.”+
20 Mohatsa Zebedea+ a ya ho yena a ena le bara ba hae. A mo kgumamela yaba o mo kopa ho hong.+ 21 Jesu a re ho yena: “O batlang?” Mme eo a re: “Ke kopa hore bara bana ba ka ba babedi ba dule le wena Mmusong wa hao, e mong ka letsohong la hao le letona mme e mong ka ho le letshehadi.”+ 22 Jesu a re: “Ha le tsebe hore na le kopang. Na le ka nwa ntho eo ke leng haufi le ho e nwa?”+ Ba re ho yena: “Re ka e nwa.” 23 A re ho bona: “E, ho e nwa le tla e nwa+ empa ha se nna ya kgethang hore na ke mang ya tla dula ka letsohong la ka le letona kapa le letshehadi. Ke Ntate ya kgethang.”+
24 Ha barutuwa ba bang ba leshome ba utlwa taba ena, ba halefela Jakobo le Johanne.+ 25 Empa Jesu a ba bitsetsa ho yena a re: “Le a tseba hore babusi ba ditjhaba ba di tshwara ka thata le banna ba baholo ba a di hatella.+ 26 Lona ha le a lokela ho etsa jwalo+ empa ya batlang ho ba moholo hara lona e lokela ho ba mosebeletsi wa lona.+ 27 Ya batlang ho ba wa pele hara lona, e lokela ho ba mohlanka wa lona.+ 28 Etswe le Mora motho ha a ka a tlela lefatsheng ho sebeletswa empa o tletse ho sebeletsa+ le ho fana ka bophelo ba hae e le tefo bakeng sa ho lopolla batho ba bangata.”+
29 Ha ba tswa Jeriko, letshwelehadi la mo latela. 30 Ho ne ho ena le banna ba babedi ba sa boneng ba dutseng pela tsela. Ba utlwa hore Jesu o feta moo yaba ba a hweletsa ba re: “Morena, Mora wa Davida, re hauhele!”+ 31 Letshwele la ba kgalemela la re ba thole empa ba hweletsa le ho feta ba re: “Morena, Mora wa Davida, re hauhele!” 32 Ka hoo, Jesu a ema, a ba bitsa a re: “Ke le etsetseng?” 33 Ba re ho yena: “Morena, re kopa o re bule mahlo.” 34 Jesu a ba hauhela yaba o thetsa mahlo a bona.+ Hanghang ba bona mme ba mo sala morao.