Esaia
2 O fumana kgotso.
Bohle ba tsamayang ka ho loka ba phomola mabitleng.*
3 “Empa ha e le lona, atamelang mona,
Lona bara ba senohe sa mosadi,
Bana ba monna ya febang le ba mosadi wa letekatse:
4 Ke mang eo le mo tshehang?
Ke mang eo le mo somang le eo le mo rohakang?
Na ha le bana ba baetsadibe,
Bana ba batho ba leshano,+
5 Ba nang le takatso e matla ya ho etsa botekatse hara difate tse kgolo,+
Tlasa sefate se seng le se seng se behang haholo,+
Ba bolaelang bana dikgohlong,*+
Dipakeng tsa mafika?
6 O* rata majwe a boreledi a kgohlo.+
Ke ona ao o a kgethileng.
Le ona o a tshella dinyehelo tsa dino mme o a fa dimpho.+
Na nka kgotsofatswa* ke dintho tsee?
7 O behile bethe ya hao thabeng e hodimo le e phahameng,+
O nyolohetse teng ho ya nyehela sehlabelo.+
8 O behile setshwantsho* sa hao ka tlung ya hao.*
O mphuraletse mme o a hlobola.
Wa nyoloha, wa etsa hore bethe ya hao e be kgolo.
Wa etsa selekane le bona.
Wa romela baromuwa ba hao hole,
Hoo o ileng wa theohela Lebitleng.*
10 O sehlile ka ho latela ditsela tsa hao tse ngata.
Empa ha o a ka wa re: ‘Ha ho na thuso!’
O hlasimolohile.
Ke ka lebaka leo o sa teleng.*
Ha o a ka wa nkgopola.+
Ha o a ka wa nahanisisa ka letho.+
Moya o tla di fefola kaofela,
Di tla nkwa ke moyanyana feela.
Empa ya tshabelang ho nna, naha ena e tla ba lefa la hae,
O tla dula thabeng ya ka e halalelang.+
14 Ho tla thwe: ‘Etsang tsela, etsang tsela. Lokisang tsela.+
Tlosang tshitiso efe kapa efe tseleng ya batho ba ka.’”
“Ke dula sebakeng se phahameng, se halalelang+
Hape ke dula le ba nyahameng le ba weleng moya
E le hore ke hlasimolle ba weleng moya
Le ho hlasimolla dipelo tsa ba nyahameng.+
17 Ke ne ke halefetse hore ebe o* ne a etsa sebe sa ho latella ho fumana phaello ya bolotsana,+
Ka hoo ka mo otla, ka pata sefahleho sa ka ka ba ka mo halefela.
Empa a nna a tsamaya jwalo ka mokwenehi,+ a tsamaya tseleng ya pelo ya hae.
18 Ke bone ditsela tsa hae
Empa ke tla mo fodisa+ le ho mo tataisa,+
Ke mo tshedise,*+ yena le batho ba hae ba utlwileng bohloko.”+
19 Jehova o re: “Ke beha mantswe a thoriso lelemeng la motho.*
Ho tla ba le kgotso e sa feleng ho motho ya hole le ya haufi+
Mme ke tla mo fodisa.”
20 “Empa ba kgopo ba jwalo ka lewatle le lwebehlanang, le ke keng la kokobela,
Leo metsi a lona a hlahisang ditlamatlama tsa lewatle le seretse.
21 Ba kgopo ba ke ke ba fumana kgotso,” ke Modimo wa ka ya tjhong.+