Lengolo la Bobedi le Yang ho Timothea
4 Ke o laela ke tiile ka pela Modimo le Jesu Kreste, ya tla ahlola+ ba phelang le bafu+ mohla a iponahatsang+ le mohla a seng a busa Mmusong wa hae.+ 2 Ke o laela hore o bolele lentswe+ mme o etse jwalo ka tjheseho* ha ho le monate le ha ho le thata. O kgalemele,+ o lemose hape o eletse. O etse dintho tseo ka mamello yohle le jwalo ka motho ya tsebang ho ruta hantle.+ 3 Ho na le nako eo ka yona batho ba ke keng ba mamela dithuto tsa nnete.*+ Ba tla latela ditakatso tsa bona, ba ipatlele mesuwe e tla ba bolella dintho tseo ba batlang ho di utlwa.*+ 4 Ba tla tlohela ho mamela nnete ebe ba mamela dipale tsa bohata. 5 Wena o dule o sebedisa kelello hantle dinthong tsohle, o mamelle mathata,+ o etse mosebetsi wa moevangedi,* o phethe mosebetsi wa Modimo ka botlalo.+
6 Ke tshwana le nyehelo ya seno+ e ntseng e tshelwa hodima aletare mme nako ya hore ke lokollwe+ e haufi. 7 Ke lwanne ntwa e ntle,+ ke mathile peiso ho fihlela qetellong+ ebile ke bolokile tumelo ya nnete. 8 Ho tloha hona jwale ho ya pele ke behetswe moputso wa ba lokileng+ oo ke tla o fuwa ke Morena, moahlodi ya lokileng+ ka letsatsi la kahlolo.+ O ke ke wa fuwa nna feela empa o tla fuwa le bohle bao esale ba lebella hore a iponahatse.
9 Etsa sohle se matleng a hao hore o tle ho nna kapele. 10 Demase+ o ntahlile hobane o ratile lefatshe lena* mme o ile Thesalonika, Kresense o ile Galatia, Tite yena o ile Dalmatia. 11 Ke Luka feela ya setseng le nna. O tle le Mareka hobane o nthusa haholo mosebetsing wa Modimo. 12 Ke romme Tikikase+ Efese. 13 O tle le seaparo seo ke ileng ka se siya Troase ho Karpase le meqolo, haholoholo matlalo a ho ngolla.*
14 Alexandere setei sa koporo o nkentse hampe ka makgetlo a mangata. Jehova* o tla mo ahlolela diketso tsa hae.+ 15 Le wena o mo hlokomele hobane o ile a hanyetsa molaetsa wa rona ka matla.
16 Ha ke ne ke ipuella ka lekgetlo la pele ka pela balaodi, ha ho na motho ya ileng a ntshehetsa, kaofela ba ile ba mphuralla. E se eka Modimo a ka ba tshwarela. 17 Empa Morena o ile a ema haufi le nna, a mmatlafatsa e le hore nka bolela ditaba tse monate ka botlalo le hore ditjhaba tsohle di di utlwe.+ Hape ke ile ka lopollwa lehanong la tau.+ 18 Morena o tla ntopolla nthong e nngwe le e nngwe e mpe mme o tla mpholosa e le hore ke kene Mmusong wa hae o lehodimong.+ E se eka a ka tlotliswa ka ho sa feleng. Amen.
19 O ntumedisetse Priska le Akuila+ le ba ntlo ya Onesiforase.+
20 Erastase+ o ile a sala Korinthe empa Trofimase+ ke ile ka mo siya Miletase hobane a kula. 21 Etsa sohle se matleng a hao hore o fihle pele e eba mariha.
Eubulase, Pudense, Linase, Claudia le bana ba bo rona kaofela ba re o dumele.
22 Morena a ke a hlohonolofatse moya o motle oo o o bontshang. E se eka a ka ba mosa* ho wena.