Kosepele ya Matheu
15 Bafarisi le bangodi ba tswang Jerusalema ba tla ho Jesu+ ba re: 2 “Ke hobaneng ha barutuwa ba hao ba sa hlomphe moetlo wa baholoholo ba rona? Ha ba hlape matsoho* pele ba ja.”+
3 Ha a araba a re ho bona: “Ke hobaneng ha lona le tlola melao ya Modimo ka lebaka la moetlo wa lona?+ 4 Modimo o ile a re: ‘Hlompha ntate wa hao le mme wa hao,’+ a boela a re: ‘Mang kapa mang ya rohakang* ntate wa hae kapa mme wa hae o lokela ho bolawa.’+ 5 Empa lona le re: ‘Mang kapa mang ya reng ho ntate wa hae kapa mme wa hae: “Ntho e nngwe le e nngwe eo ke neng nka o thusa ka yona ke se ke e file Modimo e le mpho,”+ 6 ha ho hlokahale hore a hlomphe ntate wa hae ho hang.’ Ka hoo, le entse lentswe la Modimo ntho e se nang thuso ka lebaka la moetlo wa lona.+ 7 Baikaketsi! Esaia o profetile hantle ka lona ha a re:+ 8 ‘Batho bana ba ntlhompha ka melomo feela empa dipelo tsa bona di suthetse hole le nna. 9 Ha ho na thuso ya hore ebe ba ntse ba nthapela hobane ba ruta ditaelo tsa batho jwalo ka ha eka ke dithuto tsa Modimo.’”+ 10 Yaba o bitsetsa batho haufi le yena mme o re ho bona: “Mamelang le utlwisise:+ 11 Motho ha a silafatswe ke ntho eo a e jang empa o silafatswa ke e tswang molomong wa hae.”+
12 Barutuwa ba tla ho yena ba re: “Na o a tseba hore Bafarisi ba ile ba kgopiswa ke dintho tseo o di buileng?”+ 13 A re: “Semela se seng le se seng seo Ntate wa ka ya lehodimong a sa kang a se lema se tla fotholwa. 14 Ba tloheleng, ke batataisi ba foufetseng. Haeba batho ba babedi ba sa boneng ba tataisana, ka bobedi ba tla wela ka sekoting.”+ 15 Petrose a re: “Re hlakisetse papiso ena.” 16 Yaba Jesu o re: “Na le lona le ntse le sa utlwisise?+ 17 Na ha le tsebe hore ntho e nngwe le e nngwe e jewang e feta ka maleng ebe e ntshetswa ka sekoting sa dikgwerekgwere? 18 Le ha ho le jwalo, dintho tse tswang molomong di tswa pelong mme dintho tseo di silafatsa motho.+ 19 Mohlala, pelong ho tswa menahano e fosahetseng+ e etsang hore ho be le dipolao, bofebe, boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano,* boshodu, bopaki ba bohata le dithohako. 20 Motho o silafatswa ke dintho tsena eseng ho ja dijo ka matsoho a sa hlatsuwang.”*
21 Ha Jesu a tloha moo, a ya dibakeng tse haufi le Tire le Sidone.+ 22 Mosadi e mong wa Mofoenisia ya tswang dibakeng tseo a tla ho yena a hweletsa haholo a re: “Nkgauhele, Morena, Mora wa Davida. Moradi wa ka o kenwe ke modemona ya mo sotlang hampe.”+ 23 Empa Jesu ha a ka a mo araba. Ka hoo, barutuwa ba hae ba tla ho yena ba re: “Ere a tsamaye hobane o ntse a tla a hweletsa ka mora rona.” 24 Jesu a re ho mosadi eo: “Ha ke a romelwa ho mang kapa mang haese dinku tse lahlehileng tsa ntlo ya Iseraele.”+ 25 Empa mosadi eo a tla a mo kgumamela a re: “Morena, nthuse!” 26 Ha a araba a re: “Ha ho a nepahala ho nka bohobe ba bana ebe bo akgellwa madinyane a dintja.” 27 A re: “Ke nnete Morena empa le ona madinyane a dintja a ja makumane a wang tafoleng ya beng ba ona.”+ 28 Jesu a re ho yena: “Tumelo ya hao e matla. Ho ke ho etsahale jwalo ka ha o lakatsa.” Moradi wa hae a fola ka yona nako eo.
29 Jesu a tloha moo a ya haufi le Lewatle la Galilea.+ A nyolohela thabeng, a dula teng. 30 Batho ba bangata ba mo atamela ba tlile le batho ba holofetseng, ba sa boneng, ba sa kgoneng ho bua le ba bang ba bangata. Ba ba tlisa ho Jesu yaba o a ba phekola.+ 31 Ka hoo, ha letshwele le bona batho ba sa kgoneng ho bua ba bua, ba holofetseng ba tsamaya le ba sa boneng ba bona, la makala yaba le tlotlisa Modimo wa Iseraele.+
32 Empa Jesu a bitsa barutuwa ba hae a re: “Ke hauhela batho bana+ hobane ba se ba qetile matsatsi a mararo ba dutse le nna mme ha ba na dijo. Ha ke batle hore ba tsamaye ba lapile hobane ba ka nna ba fellwa ke matla tseleng.”+ 33 Le ha ho le jwalo, barutuwa ba re ho yena: “Re tla fumana mahobe a tla fepa batho ba bangata hakaale hokae re le hole tjee?”+ 34 Yaba Jesu o re ho bona: “Le na le mahobe a makae?” Ba re: “A supileng le ditlhapi tse nyenyane tse seng kae.” 35 Ka hoo, ha a qeta ho bolella batho hore ba dule fatshe, 36 a nka mahobe ao a supileng le ditlhapi mme ka mora ho leboha, a di arola, a di fa barutuwa, barutuwa bona ba di fa batho.+ 37 Bohle ba ja ba kgora yaba barutuwa ba nka dibaskete* tse supileng tse kgolo tse tletseng bohobe bo setseng.+ 38 Ho ile ha ja batho ba 4 000 ho sa balellwe basadi le bana. 39 Qetellong, ka mora hore a re batho ba tsamaye, a kena sekepeng a ya Magadane.+