Dipesaleme
Pesaleme ya Davida.
27 Jehova ke lesedi la ka+ le mopholosi wa ka.
Ke tla tshaba mang?+
Jehova o sireletsa bophelo ba ka.+
Ke tla tshoswa ke mang?
2 Ha batho ba kgopo ba ntlhasela hore ba qete ka nna,+
Dira tsa ka le bahanyetsi ba ka ke bona ba ileng ba kgoptjwa mme ba wa.
Le haeba nka hlaselwa,
Ke tla dula ke ena le tshepo.
4 Ke kopile ntho e le nngwe ho Jehova
E leng ntho eo ke e batlang,
Hore ke dule ka tlung ya Jehova ka matsatsi ohle a bophelo ba ka,+
Ke bohe botle ba Jehova
5 O tla mpata sebakeng sa hae ha ke hlahelwa ke tlokotsi.+
A mpate ka tenteng ya hae sebakeng se patehileng.+
O tla mpeha hodimo lefikeng.+
6 Ke hlotse dira tsa ka tse mpotapotileng.
Ke tla etsa mahlabelo tenteng ya hae ke hweleditse, ke thabile.
Ke tla binela Jehova dithoriso.
7 Utlwa sello sa ka hle Jehova.+
Nkgauhele mme o nkarabe.+
8 Pelo ya ka e nkgopotsa taelo ya hao e reng:
“Batlang sefahleho sa ka.”
Jehova, ke tla batla sefahleho sa hao.+
9 O se ke wa mpatela sefahleho sa hao.+
O se ke wa nteleka ka bohale.
O mothusi wa ka.+
O se ke wa ntahla kapa wa ntlohela, Modimo wa ka ya mpholosang.
11 Nthupele ka tsela ya hao, Jehova,+
Ntsamaise tseleng e lokileng mme o ntshireletse ho dira tsa ka.
12 O se ke wa nehelana ka nna ho dira tsa ka.+
Dipaki tse leshano di a nqosa,+
Di batla ho ntwantsha.
13 Nka be ke le hokae haeba ke ne ke se na tumelo
Ya hore ke tla bona ka moo Jehova a leng molemo ka teng ha ke ntse ke phela?*+
Tshepa Jehova.