Kosepele ya Mareka
8 Ka nako eo, batho ba bokana moo Jesu a neng a le teng. Ba ne ba se na dijo, ka hoo a bitsa barutuwa a re ho bona: 2 “Ke hauhela batho bana+ hobane ba se ba qetile matsatsi a mararo ba dutse le nna mme ha ba na letho le jewang.+ 3 Haeba nka re ba ye hae ba lapile, ba tla fellwa ke matla tseleng ebile ba bang ba bona ba tswa hole.” 4 Empa barutuwa ba hae ba re: “Ha re le hole tjee motho a ka fumana mahobe a lekaneng batho baa hokae?” 5 Yaba Jesu o re ho bona: “Le na le mahobe a makae?” Ba re: “A supileng.”+ 6 A re batho ba dule fatshe. A nka mahobe ao a supileng, a leboha, a a qhetsola a a fa barutuwa ba hae, barutuwa bona ba a fa batho.+ 7 Hape ba ne ba ena le ditlhapi tse nyenyane tse seng kae mme a di hlohonolofatsa, a ba bolella hore le tsona ba di abe. 8 Ka hoo, ba ja ba kgora yaba barutuwa ba nka dibaskete* tse supileng tse kgolo tse tletseng bohobe bo setseng.+ 9 Ho ne ho ena le banna ba ka bang 4 000. Ka mora moo Jesu a re ba tsamaye.
10 Hanghang yena le barutuwa ba hae ba palama sekepe ba ya Dalmanutha.+ 11 Bafarisi ba mo etsetsa kgang ba batla hore a etse mohlolo o tswang lehodimong e le ho mo leka.+ 12 A utlwa bohloko haholo mme a re: “Ke hobaneng ha batho ba moloko oo ba batla mohlolo?+ Ka nnete ke a le bolella hore ha ho na mohlolo oo ba tla o bona.”+ 13 Yaba o a ba siya o palama sekepe hape, o ya lebopong le ka mose wane.
14 Empa barutuwa ba lebala ho nka mahobe mme ba ne ba se na letho ho bona ka sekepeng haese bohobe bo le bong.+ 15 A ba lemosa ka ho hlaka a re: “Dulang le butse mahlo, le hlokomele tomoso ya Bafarisi le ya Heroda.”+ 16 Barutuwa ba qala ho phehisana ka taba ya hore ha ba na mahobe. 17 Ha a elellwa a re ho bona: “Ke hobaneng ha le phehisana ka hore ha le na mahobe? Na le ntse le eso hlakelwe hore na ke reng? E le hore le ntse le sa utlwisise? 18 ‘Le na le mahlo empa ha le bone, le na le ditsebe empa ha le utlwe.’ Na ha le sa hopola 19 hore na ha ke ne ke qhetsolela banna ba 5 000 mahobe a mahlano,+ le ile la nka dibaskete tse kae tse tletseng bohobe bo setseng?” Ba re ho yena: “Tse 12.”+ 20 “Ha ke qhetsolela banna ba 4 000 mahobe a supileng, le ile la nka dibaskete* tse kae tse tletseng bohobe bo setseng?” Ba re ho yena: “Tse supileng.”+ 21 Yaba o re ho bona: “Na le ntse le eso utlwisise?”
22 Ha ba fihla Bethsaida batho ba mo tlisetsa monna ya sa boneng mme ba mo kopa hore a mo thetse.+ 23 A tshwara monna eo ya sa boneng ka letsoho, a mo isa ka ntle ho motse. A mo tlotsa* ka mathe mahlong+ yaba o beha matsoho hodima hae mme o re ho yena: “O bonang?” 24 Monna eo a phahamisa mahlo a re: “Ke bona batho empa ekare ke difate tse ntseng di tsamaya.” 25 Jesu a boela a beha matsoho mahlong a monna eo. Monna eo a fola yaba o bona ntho e nngwe le e nngwe hantle. 26 Ka hoo, a re a tsamaye empa a re ho yena: “O se ke wa ya motseng.”
27 Jesu le barutuwa ba hae ba tloha ba ya metseng ya Sesarea Filipi. Ha ba le tseleng a re ho barutuwa ba hae: “Batho ba re ke mang?”+ 28 Ba re ho yena: “Ba bang ba re o Johanne Mokolobetsi,+ ba bang ba re o Elia,+ ba bang bona ba re o e mong wa baprofeta.” 29 A re: “Lona le re ke mang?” Petrose a re: “O Kreste.”+ 30 Yaba o ba laela hore ba se ke ba bolella batho ka yena.+ 31 Hape, a qala ho ba ruta hore Mora motho o tla hloriswa hampe, baholo, baprista ba baholo le bangodi ba ke ke ba mo amohela le hore o tla bolawa+ ebe o tsoswa ka letsatsi la boraro.+ 32 O ile a ba bolella taba eo ka tsela e hlakileng. Empa Petrose a mo nkela ka thoko mme a qala ho mo kgalemela.+ 33 Jesu a furalla, a sheba barutuwa ba hae mme a kgalemela Petrose ka thata a re: “Tloha* Satane! Hobane o nahana menahano ya batho eseng ya Modimo.”+
34 Jesu a bitsa letshwele le barutuwa ba hae mme a re ho bona: “Haeba mang kapa mang a batla ho ntshala morao, a se ke a hlola a iphelela. A ikemisetse ho mamella mahloriso* mme a nne a ntatele.+ 35 Mang kapa mang ya batlang ho sireletsa bophelo ba hae, o tla fellwa ke bona. Empa mang kapa mang ya shwellang ho ba molatedi wa ka le ho amohela molaetsa wa Modimo o tla phela hape.+ 36 Ha e le hantle motho o tla fumana molemo ofe ha a rua lefatshe lohle empa a lahlehelwa ke bophelo ba hae?+ 37 Motho a ka reka bophelo ba hae ka eng?+ 38 Etswe mang kapa mang ya ntshwabelang le ya swabelang ditaba tsa ka molokong ona o sa tshepahaleng* le o nang le sebe, Mora motho le yena o tla mo swabela+ ha a tla ka kganya ya Ntate wa hae a ena le mangeloi a halalelang.”+