Tshenolo e yang ho Johanne
1 Tsena ke dintho tseo Jesu Kreste a re senoletseng tsona. O ile a di bolellwa ke Modimo+ e le hore a bontshe bahlanka ba Modimo+ dintho tse tla etsahala haufinyane. Jesu Kreste o ile a roma lengeloi ho Johanne mohlanka wa hae+ hore le mo bontshe ka toro dintho tse tla etsahala ka moso. 2 Johanne ke paki ya dintho tseo Modimo a di buileng le dintho tsohle tseo Jesu Kreste a di buileng. Ke paki ya dintho tsohle tseo a di boneng. 3 Ho thaba motho ya ballang mantswe a boprofeta bona hodimo le ba a utlwang le ba a mamelang+ hobane nako e behilweng e haufi.
4 Nna Johanne, ke ngolla diphutheho tse supileng+ tse profinseng ya Asia, ke re:
E se eka “Modimo ya teng hona jwale, eo esale a le teng le ya tlang,”+ le meya e supileng+ e ka pela terone ya hae e ka le bontsha mosa* le ho le fa kgotso. 5 Hape e se eka Jesu Kreste a ka le bontsha mosa le ho le fa kgotso. Ke “Paki e Tshepahalang,”+ “wa pele ho ba tsositsweng bafung”+ le “Mmusi wa marena a lefatshe.”+
Jesu o a re rata+ hape o re lokolotse dibeng tsa rona ka madi a hae,+ 6 o re entse marena+ le baprista+ hore re sebeletse Modimo Ntate wa hae. E se eka a ka roriswa le ho fuwa matla ka ho sa feleng. Amen.
7 O tla tla ka maru+ mme e mong le e mong o tla mo bona esita le ba mo hlabileng. Maloko ohle a lefatshe a tla lla ka lebaka la hae.+ Amen.
8 Jehova* Modimo o re: “Ke nna Alfa le Omega,*+ ya teng, ya neng a le teng le ya tlang. Ke Modimo ya Matla Ohle.”+
9 Nna Johanne ke ngwanabo lona ya hloriswang+ jwalo ka lona ya tla busa le lona mmusong.+ Hape ke mameletse+ jwalo ka lona hobane ke le molatedi wa Jesu.+ Ke ne ke le sehlekehlekeng sa Patmose ka lebaka la ho bua ka Modimo le ho ruta batho nnete ka Jesu. 10 Moya o halalelang o ile wa nkisa letsatsing la Morena yaba ke utlwa lentswe le phahameng le kang modumo wa terompeta ka mora ka, 11 la re: “Dintho tseo o tla di bona o di ngole moqolong mme o o romele diphuthehong tsena tse supileng: Phutheho e Efese,+ e Smirna,+ e Pergame,+ e Thiatire,+ e Sarda,+ e Filadelfia+ le e Laodisia.”+
12 Ka hetla hore ke bone hore na ke mang ya buang le nna yaba ke bona didulwana tsa mabone tsa kgauta tse supileng.+ 13 Hara didulwana tseo ka bona motho ya kang mora motho+ a apere seaparo se fihlang maotong mme a itlamme sefubeng ka lebanta la kgauta. 14 Moriri wa hae o ne o le mosweu jwalo ka boya bo bosweu le jwalo ka lehlwa mme mahlo a hae a le jwalo ka lelakabe la mollo.+ 15 Maoto a hae a ne a benya jwalo ka koporo ya boleng bo phahameng+ ha e qhibidiha seboping sa mollo mme lentswe la hae le ne le le jwalo ka modumo wa metsi a mangata. 16 Ka letsohong la hae le letona ho ne ho ena le dinaledi tse supileng,+ molomong wa hae ha tswa sabole e bohale, e telele e sehang ka mahlakore a mabedi+ mme sefahleho sa hae se ne se le jwalo ka letsatsi ha le kganya haholo.+ 17 Ha ke mo bona ka wela maotong a hae jwalo ka ha eka ke shwele.
A ntshwara ka letsoho la hae le letona yaba o re: “O se ke wa tshoha. Ke nna wa Pele+ le wa ho Qetela,+ 18 ke nna ya phelang.+ Ke ne ke shwele+ empa ke nna enwa ke phela ka ho sa feleng le ka mehla.+ Ke na le dinotlolo tsa lefu le tsa Lebitla.*+ 19 Ka hona, ngola dintho tseo o di boneng, dintho tse teng le dintho tse tla etsahala ka mora tsena. 20 Lekunutu le halalelang la dinaledi tse supileng tseo o di boneng letsohong la ka le letona le la didulwana tsa mabone tsa kgauta tse supileng ke lena: Dinaledi tse supileng di emela mangeloi a diphutheho tse supileng mme didulwana tsa mabone tse supileng di emela diphutheho tse supileng.+