Tshenolo e yang ho Johanne
14 Hape ka bona Konyana+ e eme Thabeng ya Sione+ e ena le ba 144 000+ bao diphatleng tsa bona ho neng ho ngotswe lebitso la yona le la Ntate wa yona.+ 2 Ka utlwa modumo o hlahang lehodimong o tshwanang le modumo wa metsi a mangata le wa seaduma se lerata. Modumo oo o ne o tshwana le wa dibini tse binang ka diharepa. 3 Pina eo di neng di e bina e ne eka e ntjha.+ Di ne di e bina ka pela terone, dikerubime tse nne+ le baholo.+ Ho ne ho se ya ka kgonang ho bina pina eo haese ba 144 000+ ba neng ba rekilwe lefatsheng. 4 Bana ke ba sa kang ba etsa bohlola le basadi. Ha e le hantle, ha ba eso ka ba robala le mang kapa mang.+ Ba latela Konyana ho sa tsotellehe hore na e ya hokae+ mme ba rekilwe+ lefatsheng e le hore e be ba pele*+ ba fuweng Modimo le Konyana. 5 Ha ba a ka ba bua leshano ebile ha ba na molato.+
6 Ka bona lengeloi le leng le fofa sebakeng. Le ne le phatlalatsa ditaba tse monate tse sa feleng, le di bolella batho ba dulang lefatsheng, ba merabe yohle, ditjhaba tsohle, maloko ohle le dipuo tsohle.+ 7 Le ne le hweleditse le re: “Hlomphang Modimo mme le mo tlotlise hobane nako ya hore a ahlole e fihlile.+ Ka lebaka leo, le rapele ya entseng lehodimo, lefatshe, lewatle+ le didiba.”
8 Lengeloi la bobedi la latela le ntse le re: “O wele! O wele+ Babilona e Moholo,+ ya ileng a etsa hore ditjhaba tsohle di nwe veine ya hae e etsang hore di be le takatso e matla ya ho etsa bohlola.”*+
9 Lengeloi le leng la boraro la latela le hweleditse le re: “Haeba mang kapa mang a rapela sebata+ le setshwantsho sa sona ebile a amohela letshwao phatleng ya hae kapa letsohong la hae,+ 10 o tla boela a nwe veine ya Modimo e leng bohale ba hae bo tukang, eo a tla mo tshella yona e sa hlapollwa ka senwelong sa hae sa kgalefo.+ Motho eo o tla hlokofatswa ka mollo le sebabole+ ka pela mangeloi a halalelang le Konyana. 11 Ba rapelang sebata le setshwantsho sa sona le mang kapa mang ya amohelang letshwao la lebitso la sona+ o tla hlokofatswa bosiu le motshehare mme mosi wa mollo o ba hlokofatsang* o tla kubella ka ho sa feleng.+ 12 Bahalaledi+ ba mamelang ditaelo tsa Modimo le ba nang le tumelo+ ho Jesu ba lokela ho ba le mamello.”
13 Ka utlwa lentswe le tswang lehodimong le re: “Ngola o re: Batho ba shwang e le balatedi ba Morena*+ ho tloha hona jwale ho ya pele, ba tla thaba. Moya o halalelang o re ba phomole mesebetsing ya bona hobane dintho tseo ba ileng ba di etsa di ke ke tsa lebalwa.”
14 Ka bona leru le lesweu. Hodima lona ho ne ho dutse ya kang mora motho,+ a rwetse korone ya kgauta mme a tshwere sekele e bohale.
15 Lengeloi la hlaha sehalalelong sa tempele, la hweletsa ya dutseng hodima leru la re: “Kotula ka sekele ya hao hobane jwale ke nako ya ho kotula ka ha dijalo tsa lefatshe di butswitse.”+ 16 Ya dutseng hodima leru a akgela sekele ya hae lefatsheng mme lefatshe la kotulwa.
17 Lengeloi le leng hape la hlaha sehalalelong sa tempele se lehodimong, le lona le ne le tshwere sekele e bohale.
18 Lengeloi le leng hape la hlaha aletareng. Le ne le ena le matla a ho laola mollo. La hweletsa ya neng a tshwere sekele e bohale la re: “Sebedisa sekele ya hao e bohale, o bokelle morara wa lefatshe hobane o se o butswitse.”+ 19 Lengeloi la akgela sekele ya lona lefatsheng, la bokella morara wa lefatshe. Ka mora moo, la o akgela ka sehatelong sa veine se seholo sa bohale ba Modimo.+ 20 Dipere di ne di hatakela morara ka sehatelong se ka thoko ho motse. Madi a neng a tswa, a ne a phalla sebaka se ka etsang dikhilomithara tse 300,* botebo ba ona e le bo ka fihlang ditomong tsa dipere.