Lengolo la Jakobo
3 Bana beso, le se ke la ba mesuwe le le bangata hobane le a tseba hore re tla amohela kahlolo e boima ho feta ya ba bang.+ 2 Kaofela ha rona re etsa diphoso* hangata.+ Haeba motho a sa kgopise batho ba bang ka seo a se buang, motho eo o phethahetse ebile o kgona ho laola mmele wohle wa hae.* 3 Haeba re kenya ditomo melomong ya dipere, di tla re mamela mme re tla kgona ho laola mmele yohle ya tsona. 4 Nahanang ka dikepe: Le hoja di le kgolo haholo ebile di tsokotswa ke meya e matla, bakganni ba tsona ba sebedisa masokwana a manyenyane haholo ho di isa moo ba batlang.
5 Leleme le lona ke setho se senyenyane sa mmele empa le ithorisa haholo. Mollo o monyenyane o ka tjhesa moru o moholo haholo. 6 Leleme le tshwana le mollo.+ Ke karolo ya mmele e etsang dintho tse fosahetseng le e silafatsang mmele wohle.+ Le ka senyetsa motho bophelo, hape le tshwana le Gehena* hobane le a senya. 7 Batho ba kgona ho laola mefuta yohle ya diphoofolo tse hlaha, dinonyana, dihahabi le dibopuwa tse phelang lewatleng ebile ba se ba ntse ba di laola. 8 Empa ha ho na motho ya ka laolang leleme. Ha le laolehe, le kotsi ebile le tletse tjhefo.+ 9 Re le sebedisa ho rorisa Ntate wa rona Jehova* re be re le sebedise ho rohaka batho ba bopilweng ka “setshwantsho sa Modimo.”+ 10 Molomong o le mong ho tswa thoriso le thohako.
Bana beso, ha ho a lokela ho ba jwalo.+ 11 Na metsi a monate le a mabe a ka tswa sedibeng se le seng? 12 Bana beso, sefate sa feie* se ke ke sa hlahisa mehlwaare kapa sefate sa morara sa hlahisa difeie.+ Le metsi a letswai a ke ke a hlahisa metsi a monate.
13 Ke mang hara lona ya bohlale le ya nang le kutlwisiso? Haeba o teng, a bontshe ka boitshwaro ba hae bo botle hore o etsa dintho tsohle ka bonolo boo motho a bang le bona hobane a le bohlale. 14 Empa haeba ka dipelong tsa lona le le mona+ ebile le rata diqabang,*+ le se ke la ithorisa+ ka hore le bohlale hobane le tla be le bua leshano. 15 Bohlale bona ha se bo tswang lehodimong empa ke ba lefatshe.+ Ke bohlale ba batho ba laolwang ke ditakatso tsa bona ebile ke bohlale ba bademona. 16 Moo ho nang le mona le diqabang* ho dula ho ena le meferefere le dintho tsohle tse mpe.+
17 Empa motho ya nang le bohlale bo tswang lehodimong pele ho tsohle o phela bophelo bo hlwekileng,+ hape o na le kgotso,+ ha a manganga,+ o itokiseditse ho mamela, o mohau haholo, o etsa dintho tse ntle,+ ha a kgetholle+ ebile ha se moikaketsi.+ 18 Batho ba sebedisanang hantle le batho ba bang, ba etsa hore ho be le kgotso+ mme qetellong ba etsa dintho tse lokileng.*+