Deuteronoma
30 Ha mantswe ana ohle a phethahala ho lona e leng tlhohonolofatso le bomadimabe tseo ke di behileng ka pela lona+ mme le ikgopotsa*+ ona le le hara ditjhaba tsohle tseo Jehova Modimo wa lona a le hasantseng ho tsona+ 2 mme le kgutlela ho Jehova Modimo wa lona+ ebile lona le bara ba lona le mamela lentswe la hae ho ya ka sohle seo ke le laelang sona kajeno, ka dipelo tsa lona tsohle le ka moya* wa lona wohle,+ 3 Jehova Modimo wa lona o tla le lata botlamuweng+ a le bontshe mohau+ mme a boele a le bokelle ho tswa ditjhabeng tsohle tseo Jehova Modimo wa lona a le hasantseng ho tsona.+ 4 Le haeba batho ba habo lona ba hasantswe ho ya fihla qetellong ya lefatshe, Jehova Modimo wa lona o tla le bokella mme a le kgutlise.+ 5 Jehova Modimo wa lona o tla le tlisa naheng eo bontate ba lona ba ileng ba e nka mme o tla etsa hore le atlehe a be a le atise ho feta bontate ba lona.+ 6 Jehova Modimo wa lona o tla hlwekisa* dipelo tsa lona le dipelo tsa ditloholo tsa lona+ e le hore le rate Jehova Modimo wa lona ka dipelo tsa lona tsohle le ka moya* wa lona wohle mme le phele.+ 7 Jehova Modimo wa lona o tla tlisa bomadimabe bona bohle ho dira tsa lona, tse neng di le hloile ebile di le hlorisa.+
8 Le tla kgutla mme le mamele lentswe la Jehova le be le phethe ditaelo tsohle tsa hae tseo ke le laelang tsona kajeno. 9 Jehova Modimo wa lona o tla le atlehisa haholo mosebetsing o mong le o mong oo le o etsang,+ a atise bana ba lona, mehlape ya lona le dihlahiswa tsa lona hobane Jehova o tla boela a thabele ho le atlehisa, feela jwalo ka ha a ile a thabela ho atlehisa baholoholo ba lona.+ 10 Le tla mamela lentswe la Jehova Modimo wa lona mme le boloke ditaelo tsa hae tse ngotsweng bukeng ena ya Molao mme le tla kgutlela ho Jehova Modimo wa lona ka dipelo tsa lona tsohle le ka moya* wa lona wohle.+
11 Taelo ena eo ke le laelang yona kajeno ha e thata haholo hore le ka e utlwisisa kapa la e phetha.*+ 12 Ha e mahodimong hoo le ka reng, ‘Ke mang ya tla nyolohela mahodimong hore a re latele yona e le hore re ka e utlwa mme ra e phetha?’+ 13 Le ha e le hore e ka lehlakoreng le leng la lewatle, hoo le ka reng, ‘Ke mang ya tla tshelela ka lehlakoreng le leng la lewatle mme a re latele yona e le hore re ka e utlwa mme ra e phetha?’ 14 Ka ha lentswe leo le haufi haholo le lona, le melomong ya lona mme le ka dipelong tsa lona+ e le hore le ka le phetha.+
15 Bonang, kajeno ke beha ka pela lona bophelo le tlhohonolofatso, lefu le bobe.+ 16 Haeba le mamela ditaelo tsa Jehova Modimo wa lona tseo ke le laelang tsona kajeno, ka ho rata Jehova Modimo wa lona,+ ka ho tsamaya ditseleng tsa hae le ka ho boloka ditaelo tsa hae le diqeto tsa hae tsa boahlodi, le tla phela+ le ngatafale mme Jehova Modimo wa lona o tla le hlohonolofatsa naheng eo le yang ho e nka.+
17 Empa haeba dipelo tsa lona di kgeloha,+ le sa mamele mme le susumetswa hore le inamele medimo e meng le ho e sebeletsa,+ 18 kajeno ke a le bolella hore ka sebele le tla shwa.+ Le ke ke la phela nako e telele naheng eo le tshelang Jordane ho ya e nka hore e be ya lona. 19 Kajeno ke nka mahodimo le lefatshe e le dipaki tsa lona hore ke behile bophelo le lefu ka pela lona, tlhohonolofatso le bomadimabe,+ le kgethe bophelo e le hore lona le bana ba lona+ le phele+ 20 ka hore le rate Jehova Modimo wa lona,+ le mamele lentswe la hae, le mo kgomarele+ hobane ke yena ya le fang bophelo mme ka yena, le tla phela nako e telele naheng eo Jehova a hlapanyeditseng baholoholo ba lona hore o tla ba fa yona e leng Abrahama, Isaka le Jakobo.”+