Diproverbia
22 Kgetha botumo bo botle* ho ena le maruo a mangata.+
Ho hlomphuwa ho molemo ho feta silevera le kgauta.
2 Morui le mofutsana ba tshwana ka ntho ena:*
Jehova o ba bopile ba le babedi.+
3 Ya bohlale o bona kotsi ebe o a ipata
Empa ba se nang kelello* ha ba ipate ebe ba fumana ditholwana tse bosula.*
5 Meutlwa le difi di tseleng ya motho ya sa tshepahaleng
Empa ya ratang bophelo ba hae o emella hole le tsona.+
6 Ruta ngwana* tsela eo a lokelang ho e nka.+
Esita le ha a tsofala a ke ke a e fapoha.+
10 Leleka mosomi
Qabang e fele.
Dikgang* le ditlhapa le tsona di tla kgaotsa.
14 Melomo ya basadi ba dihlola* e jwalo ka sekoti se tebileng.+
Ya ahlotsweng ke Jehova o tla wela ka ho sona.
15 Bowatla bo tlameletswe pelong ya ngwana*+
Empa thupa e mo kgalemelang e tla bo suthisetsa hole le yena.+
16 Ya etsetsang bafutsana bolotsana hore a ikekeletse maruo+
Le ya fang barui dimpho,
Qetellong o tla futsaneha.
18 Ke ntho e monate ho a boloka ka pelong ya hao+
E le hore kaofela ha ona a ka ba molomong+ wa hao ka dinako tsohle.
19 Ke o fa tsebo kajeno
E le hore tshepo ya hao e be ho Jehova.
20 Ke o ngolletse
E le hore ke o fe dikeletso le tsebo,
21 Ho o ruta mantswe a nnete le a tshepahalang
E le hore o kgutle le tlaleho e nepahetseng ho ya o rommeng.
22 O se ke wa utswetsa bafutsana hobane ba futsanehile+
Mme o se ke wa hatella ba hlokang ha o ena le nyewe le bona.*+
24 O se ke wa dula le sefelapelwana
Kapa wa tlwaelana le motho ya halefang le feela,
26 O se ke wa ba hara ba tshwaranang ka matsoho ho etsa tumellano,
Ba itlamelang ho patala dikoloto tsa batho ba bang.+
27 Haeba o se na letho leo o ka lefang ka lona,
Ba tla nka bethe ya hao o ntse o robetse ho yona.
29 Na o ye o bone motho ya tsebang mosebetsi wa hae?
O tla ema ka pela marena,+
A ke ke a ema ka pela batho feela.