Buka ya Bobedi ya Bakorinthe
7 Baratuwa, ka ha Modimo o re tshepisitse dintho tsena,+ a re itlhwekiseng mmeleng le kelellong+ e le hore re halalele le ho feta hobane re hlompha Modimo.
2 Re amoheleng.+ Ha ho motho eo re mo foseditseng, ha ho eo re mo kgelositseng ebile ha ho eo re nkileng monyetla ka yena.+ 3 Ha se hore ke a le ahlola. Ke le boleletse hore re a le rata ho sa tsotellehe hore na re a phela kapa re a shwa. 4 Ke kgona ho bua ka bolokolohi le lona. Ke motlotlo ka lona ebile ke kgothetse haholo. Le hoja re hlahelwa ke mathata, ke thabile haholo.+
5 Ha re fihla Macedonia+ ha re a ka ra phomola, re ile ra nna ra hloriswa ka ditsela tsohle. Batho ba ne ba re hanyetsa mme rona re ne re tshwenyehile ka diphutheho. 6 Modimo ya tshedisang batho ba nyahameng+ o ile a re tshedisa ka hore Tite a re etele. 7 Ha re a tshediswa feela ke hore ebe Tite o ne a le teng, re tshedisitswe hape le ke hore o kgutlile a kgothetse ha a tswa ho lona. O re boleletse hore le itse le nkgopotse haholo le hore le swabile ebile le tshwenyehile ka nna haholo.* Ka hoo, ke ile ka thaba le ho feta.
8 Le haeba ke ile ka le utlwisa bohloko ka lengolo la ka,+ ha ke ikwahlaye. Le haeba pele ke ile ka ikwahlaya ka ha ke bone hore lengolo leo le ile la le utlwisa bohloko ka nakwana, 9 hona jwale ke thabile eseng hobane le ile la utlwa bohloko empa hobane bohloko boo bo entse hore le bake. Le ne le utlwile bohloko ka tsela e kgahlisang Modimo mme seo se le thusitse, ke ka hoo seo re se buileng se sa kang sa le lematsa. 10 Ka mehla ho utlwa bohloko ka tsela e kgahlisang Modimo ho re tswela molemo hobane ho re susumeletsa ho baka hape ho a re pholosa.+ Le ha ho le jwalo, ho utlwa bohloko jwalo ka batho ba lefatshe ho lebisa lefung. 11 Ho hlakile hore le ile la utlwa bohloko ka tsela e kgahlisang Modimo, ka lebaka leo le ile la leka kahohle ho etsa se nepahetseng. Le ile la bontsha hore ha le na molato, la utlwa bohloko ka lebaka la phoso eo le e entseng, la hlompha Modimo, la etsa boiteko bo matla ba ho lokisa bothata ba lona, la sebeletsa Modimo ho tswa pelong la ba la lokisa diphoso tsa lona.+ Le ile la etsa ntho e nngwe le e nngwe hantle e le hore le lokise bothata bona. 12 Ha ke ne ke le ngolla, ke ne ke sa ngolle motho ya entseng sebe+ kapa ya foseditsweng empa ke ne ke le ngolla e le hore ke bone hore na le tla bontsha Modimo hore le batla ho re mamela. 13 Ke ka hoo re kgothetseng.
Empa re kgothetse le ho feta ha re bona Tite a fihla a thabile haholo hobane le ile la mo kgothatsa. 14 Ke ile ka ithorisa ka lona ho Tite mme ha le a ka la mphoqa. Feela jwalo ka ha dintho tseo re le boleletseng tsona e ne e le nnete le dintho tseo re di boleletseng Tite ka lona ke nnete. 15 O le rata haholo ha a hopola ka moo kaofela ha lona le ileng la mamela ka teng+ le ho mo amohela ka tlhompho e kgolo. 16 Ke a thaba hobane nka le tshepa* dinthong tsohle.