Buka ya Bobedi ya Bakorinthe
1 Nna Pauluse moapostola wa Kreste Jesu ka thato ya Modimo le ngwanabo rona Timothea,+ re romella phutheho ya Modimo e Korinthe ha mmoho le bana ba bo rona* bohle ba Akaia lengolo lena.+
2 E se eka Modimo Ntate wa rona le Morena Jesu Kreste ba ka ba mosa* ho lona le ho le fa kgotso.
3 Ho roriswe Modimo, Ntate wa Morena wa rona Jesu Kreste.+ Ke Ntate ya mohau le ya bonolo haholo+ ebile o tshedisa batho maemong ohle.+ 4 O re tshedisa* mathateng ohle a rona+ e le hore ka matshediso a tswang ho yena+ re ka kgona ho tshedisa ba bang+ mathateng ohle a bona. 5 Ka ha re balatedi ba Kreste, re ba le mathata a mangata+ empa hape ka lebaka la Kreste re fumana matshediso a mangata. 6 Ha re hlahelwa ke mathata, ke ka morero wa hore le tshediswe le ho pholoswa. Haeba re tshediswa, ke ka morero wa hore le tshedisehe. Matshediso ao a tla le thusa ho mamella mathata a tshwanang le a rona. 7 Tshepo eo re nang le yona ka lona e tiile. Re a tseba hore feela jwalo ka ha le utlwa bohloko jwalo ka rona, le tla tshediswa jwalo ka rona.+
8 Bana beso, re batla hore le tsebe ka mathata a ileng a re hlahela ha re ntse re le Asia.+ Mathata a neng a re hlahela a ne a le ka hodima matla a rona, re ne re bile re sa kgodiseha hore na re tla phela kapa tjhe.+ 9 Ha e le hantle, re ne re nahana hore re tlo shwa. Dintho tsena di re rutile hore re se ke ra itshepa empa re tshepe Modimo+ ya tsosang bafu. 10 Modimo o re pholositse boemong bo kotsi mme o tla boela a re pholose. Re kgodisehile hore o tla dula a ntse a re pholosa.+ 11 Le lona le ka re thusa ka ho re rapella ka matla.+ Ha batho ba bangata ba re rapella, Modimo o tla utlwa a be a re thuse mme seo se tla etsa hore batho ba bangata ba lebohe Modimo.+
12 Re ithorisa ka hore re na le matswalo a kgutsitseng hobane ha re ne re le hara batho ba lefatshe lena, haholoholo ha re le hara lona, boitshwaro ba rona bo ne bo halalela ebile re tshepahala feela jwalo ka ha Modimo a tshepahala. Ha re a ka ra tshepa bohlale ba batho+ empa re ne re tshepile mosa wa Modimo. 13 Re le ngolla dintho tseo le ka kgonang ho di bala* le ho di utlwisisa mme ke tshepa hore le tla nne le di utlwisise haholwanyane* 14 feela jwalo ka ha ba bang ba lona ba se ba ntse ba di utlwisisa. Ba bang ba lona ba a utlwisisa hore le ithorisa ka lebaka la rona, le rona re tla ithorisa ka lebaka la lona ka letsatsi la Morena wa rona Jesu.
15 Ka ha ke ne ke kgodisehile ka taba ena, ke ne ke rerile ho tla ho lona ka lekgetlo la bobedi e le hore le ka thaba hape.* 16 Ke ne ke rerile ho pota ho lona ha ke ya Macedonia le ha ke tswa teng ebe le a mphelehetsa ha ke ya Judea.+ 17 Na morero oo ke ile ka o nka hanyenyane? Na ke ne ke rerile ho etsa dintho ho ya ka thato ya ka hoo nka reng “E” ebe ha morao ke se ke re “Tjhe”? 18 Feela jwalo ka ha Modimo a ka tsheptjwa, le rona le ka re tshepa ha re re “E” ya rona ha se “Tjhe.” 19 Mora wa Modimo Kreste Jesu eo nna, Silvanase* le Timothea+ re ileng ra le bolella ka yena, ha a re “E” ebe o a kgutla o re “Tjhe” empa “E” ya hae e tla dula e le “E.” 20 Ditshepiso tsohle tsa Modimo di phethahetse* ka Jesu.+ Ke ka hoo ha re rapela re reng “Amen” ka lebitso la Jesu e le ho rorisa Modimo.+ 21 Modimo ke yena ya netefatsang hore lona le rona re ba Kreste ebile ke yena ya re tlotsitseng.+ 22 O re tshwaile ka letshwao la hae+ mme o re file moya o halalelang+ ka dipelong tsa rona. Ka ho etsa jwalo, o ne a re tiisetsa hore re tla fumana ditlhohonolofatso ka moso.
23 Ke ikana ka bophelo ba ka, le Modimo a ka mpakela hore ha ke eso tle Korinthe hobane ke sa batle ho le utlwisa bohloko le ho feta. 24 Ha se hore re laola tumelo ya lona+ empa re sebetsa mmoho le lona e le hore le thabe hobane le eme le tiile ka lebaka la tumelo ya lona.