Tshenolo e yang ho Johanne
2 O ngolle lengeloi+ la phutheho e Efese+ o re: Ya tshwereng dinaledi tse supileng ka letsohong la hae le letona, ya tsamayang hara didulwana tsa mabone tsa kgauta tse supileng+ o re: 2 ‘Ke tseba diketso tsa hao, mosebetsi le mamello ya hao. Ke a tseba hore ha o mamelle batho ba kgopo le hore o ile wa hlahloba ba reng ke baapostola+ empa e se bona mme wa fumana hore ba leshano. 3 O tiiseditse, o mameletse mathata ka lebaka la lebitso la ka+ mme ha o a nyahama.+ 4 Le ha ho le jwalo, ha ke thabiswe ke hore ebe ha o sa na lerato jwalo ka pele.
5 Ka hona, hopola moo o tlohileng teng ha o tla wa, o bake+ mme o etse dintho tseo o neng o ntse o di etsa pele. Ha o sa bake,+ ke tla tla ho wena, ke tlose sedulwana sa hao sa lebone+ sebakeng sa sona. 6 Le ha ho le jwalo, ntho e ntle eo o e etsang ke ena: O hloile diketso tsa lequlwana la Nikolase+ tseo le nna ke di hloileng. 7 Ya nang le tsebe a utlwe hore na moya o reng ho diphutheho:+ Ya tla hlola ntwa+ ke tla mo dumella ho ja ditholwana tsa sefate sa bophelo+ se paradeiseng ya Modimo.’
8 Ngolla lengeloi la phutheho e Smirna o re: ‘Wa Pele le wa ho Qetela,’+ ya ileng a shwa mme a boela a phela+ o re: 9 ‘Ke tseba matshwenyeho le bofutsana ba hao empa o ruile.+ Ke boetse ke a tseba hore ho na le batho ba o rohakang ba ipitsang Bajuda empa e se bona, batho bao ke lequlwana la* Satane.+ 10 O se ke wa tshaba mathata a haufi le ho o hlahela.+ Diabolose o tla nne a lahlele ba bang ba lona teronkong e le hore le ka lekwa ka hohle mme le tla ba le mahlomola ka matsatsi a leshome. O tshepahale ho fihlela lefung mme ke tla o fa korone ya bophelo.+ 11 Ya nang le tsebe a utlwe+ hore na moya o reng ho diphutheho: Ya tla hlola ntwa+ a ke ke a shwa lefu la bobedi.’+
12 Ngolla lengeloi la phutheho e Pergame o re: Ya nang le sabole e bohale, e telele e sehang ka nqa tse pedi+ o re: 13 ‘Ke a tseba hore o dula moo terone ya Satane e leng teng empa o a ntshepahalla.*+ Ke boetse ke a tseba hore ha o a ka wa latola hore o dumela ho nna+ esita le mehleng ya Antipase, paki ya ka e tshepahalang+ ya ileng a bolaelwa+ motseng wa lona, moo Satane a dulang teng.
14 Le ha ho le jwalo, ho na le dintho tse sa nthabiseng ka wena. Ho wena moo, ho na le ba mamelang dithuto tsa Balame+ ya ileng a ruta Balake+ ho dihela Baiseraele e le hore ba je dintho tse hlabetsweng ditshwantsho le ho etsa boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano.*+ 15 Hape ho wena ho na le ba mamelang dithuto tsa sehlopha sa Nikolase.+ 16 Ka hona o bake. Ho seng jwalo, ke tla ho wena ke tatile mme ke tla ba lwantsha ka sabole e telele e tswang molomong wa ka.+
17 Ya nang le tsebe a utlwe hore na moya o reng ho diphutheho:+ Ke tla fa ya tla hlola ntwa+ a mang a manna+ a patilweng, ke tla mo fa lejwe le lenyenyane le lesweu le ngotsweng lebitso le letjha leo ho se nang motho ya le tsebang ntle le ya le amohelang.’
18 Ngolla lengeloi la phutheho ya Thiatire+ o re: Mora wa Modimo, eo mahlo a hae a leng jwalo ka lelakabe la mollo+ le eo maoto a hae a leng jwalo ka koporo ya boleng bo phahameng+ o re: 19 ‘Ke tseba diketso tsa hao, lerato la hao, tumelo ya hao, mosebetsi oo o o etsetsang Modimo le hore o mamella mathata a fapaneng. Dintho tseo o di etsang hona jwale di feta tseo o di entseng pele.
20 Le ha ho le jwalo, ha ke thabiswe ke hore ebe o tloheletse mosadi yane ya kang Jezebele+ ya ipitsang moprofeta. O kgelosa bahlanka ba ka ka ho ba ruta ho etsa boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano*+ le ho ja dijo tse hlabetsweng ditshwantsho tse rapelwang. 21 Ke mo file nako ya hore a bake empa ha a ikemisetsa ho kgaotsa ho etsa boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano.* 22 Ke tla etsa hore a kule haholo. Ke tla etsa hore ba febang le yena ba be le mathata a mangata, ntle le haeba ba ka bakela diketso tsa bona tse tshwanang le tsa hae. 23 Ke tla bolaya bana ba hae ka lefu la sewa e le hore diphutheho tsohle di tsebe hore ke hlahloba menahano e tebileng* le dipelo mme ke tla putsa e mong le e mong wa lona ho ya ka mesebetsi ya hae.+
24 Ha e le lona bohle ba Thiatire, ba sa mameleng thuto ena ya Jezebele le ba sa tsebeng dintho tseo ho thweng ke “dithuto tse tebileng tsa Satane”+ ke re ho lona: Ha ke batle ho le jarisa morwalo o mong. 25 Le kgomarele tsela e nepahetseng eo esale le e tshwere ho fihlela ke tla.+ 26 Motho ya tla hlola ntwa le ho mamela ditaelo tsa ka ho fihlela qetellong, ke tla mo fa matla a ho busa ditjhaba+ 27 e leng matla a tshwanang le ao ke a filweng ke Ntate. O tla busa batho ka lere la tshepe+ e le hore ba tle ba pshatlwe jwalo ka dijana tsa letsopa. 28 Ke tla mo fa naledi ya meso.+ 29 Ya nang le tsebe a utlwe hore na moya o reng ho diphutheho.’