Ho Baroma
3 Molemo wa ho ba Mojuda ke ofe kapa molemo wa lebollo ke ofe? 2 Ho na le melemo e mengata. Wa pele ke hore ba ile ba fuwa melaetsa e halalelang ya Modimo.+ 3 Jwale ho thweng haeba ba bang ba bona ba sa ka ba tshepahala? Na hore ebe ba hlokile tumelo ho bontsha hore Modimo ha a tshepahale? 4 Ho hang! Le haeba batho bohle ba ka fumanwa ba buile leshano+ empa Modimo yena o bua nnete ka dinako tsohle.+ Feela jwalo ka ha ho ngodilwe ha thwe: “E le hore o ka pakwa hore o nepile ha o bua le hore o ka hlola ha o ntse o ahlolwa.”+ 5 Le ha ho le jwalo, re tla reng hobane ha re etsa dintho tse mpe batho ba a bona hore Modimo o lokile? Na Modimo ha a na toka ha a re halefela? (Ke bua jwalo ka motho feela.) 6 O na le yona. Haeba ha a na toka, o tla ahlola lefatshe jwang?+
7 Empa haeba leshano la ka le etsa hore nnete ya Modimo e hlake le ho feta le hore a roriswe le ho feta, jwale ke hobaneng ha ke ntse ke ahlolwa jwalo ka moetsadibe? 8 Ke hobaneng ha re sa re, “A re etseng dintho tse mpe e le hore dintho tse molemo di ka tla” jwalo ka ha batho ba bang ba re etselletsa ka hore re tjho jwalo? Batho bao ba tla ahlolwa ka toka.+
9 Jwale na rona Bajuda re phahametse ba bang? Le hanyenyane! Etswe re hlakisitse ka hodimo hore Bajuda ha mmoho le Bagerike kaofela ke baetsadibe.+ 10 Feela jwalo ka ha ho ngodilwe: “Ha ho motho le ya mong ya lokileng,+ 11 ha ho ya nang le temohisiso, ha ho ya batlang Modimo. 12 Batho bohle ba kgelohile, kaofela ha bona ha ba sa na thuso, ha ho le ya mong wa bona ya mosa.”+ 13 “Mmetso ya bona ke lebitla le ahlameng, ba qhekella batho ka maleme a bona.”+ “Dintho tseo ba di buang di kotsi jwalo ka tjhefo ya dinoha tse nyenyane.”+ 14 “Melomong ya bona ho tswa ditlhapa le mantswe a hlabang.”+ 15 “Ba potlakela ho tsholla madi.”+ 16 “Ba a senyetsana, ba bakelana masisapelo 17 mme ha ba tsebe tsela ya ho ba le kgotso le batho ba bang.”*+ 18 “Ha ba tshabe Modimo.”+
19 Re a tseba hore dintho tsohle tse Molaong di sebetsa ho batho ba tlasa Molao e le hore batho ba kgaotse ho ikemela le hore ho bonahale hore lefatshe lohle le molato ka pela Modimo ebile le tshwanela ho fuwa kotlo.+ 20 Ka hona, ha ho motho eo ho ka thweng o lokile hobane feela a mamela Molao+ ka ha Molao o re thusa ho utlwisisa hantle hore na sebe keng.+
21 Empa jwale ho hlakile hore batho e ntse e ka ba ba lokileng ka pela Modimo+ ntle le hore ba mamele Molao. Taba ena e pakilwe ke Molao le Baprofeta.+ 22 Modimo o nka batho bohle ba bontshang hore ba dumela ho Jesu Kreste ba lokile hobane batho bohle ba a tshwana ho Modimo.+ 23 Bohle ba entse sebe mme ba hloleha ho bonahatsa kganya ya Modimo.+ 24 Modimo o bile mosa* mme a ba nka ba lokile+ hobane ba ile ba lopollwa dibeng tsa bona ka Kreste Jesu.+ O entse ntho eo e le mpho.+ 25 Modimo o ile a fana ka Jesu e le nyehelo+ e le hore re ka kgutlela ho yena ka hore re bontshe tumelo mading a Jesu.+ O entse jwalo e le hore a bonahatse ho loka ha hae hobane a ne a bontsha hore o na le mamello ka ho tshwarela dibe tse entsweng nakong e fetileng. 26 Hape hona jwale o a re mamella ka hore a nke motho ya nang le tumelo ho Jesu a lokile.+
27 Na re na le lebaka la ho ithorisa? Tjhe! Na re lokela ho ithorisa ka hore e be re mamela Molao?+ Tjhe, empa re lokela ho ithorisa ka tumelo. 28 Motho o nkwa a lokile hobane a ena le tumelo eseng hobane a phetha Molao.+ 29 Na Modimo ke wa Bajuda feela?+ Na ha se le wa batho ba ditjhaba?+ E, hape ke wa batho ba ditjhaba.+ 30 Ka ha Modimo o mong,+ o tla nka batho ba bolotseng le ba sa bollang ba lokile+ haeba ba bontsha hore ba na le tumelo. 31 Na re fedisa Molao ka tumelo ya rona? Ho hang! Empa re a o tiisa.+