Dipesaleme
Ho motsamaisi. Pesaleme ya bara ba Kora.+ Pina.
49 Utlwang lona ditjhaba tsohle.
Mamelang ka hloko, lona baahi bohle ba lefatshe,
2 Ba baholo le ba banyenyane,
Ba ruileng le ba futsanehileng.
3 Molomo wa ka o tla bua mantswe a bohlale,
Dintho tseo ke nahanisisang ka tsona ka pelong ya ka+ di tla bontsha hore ke na le kutlwisiso.
4 Ke tla mamedisisa maele,
Ke hlalose selotho sa ka ka harepa.
5 Ke hobaneng ha ke lokela ho tshoha ha ke ena le mathata,+
Ha ke potapotilwe ke ba kgopo mme ba batla ho nntsha kotsi?
Le ba ithorisang ka maruo a bona a mangata,+
7 Ha ho le ya mong wa bona ya ka lopollang ngwanabo
Kapa a fa Modimo tefo ya topollo bakeng sa hae,+
8 (Tefo ya topollo ya bophelo ba bona e phahame haholo,
Ba ke ke ba kgona ho e fihlela le ka mohla)
9 E le hore a phele ka ho sa feleng mme a se ke a ya lebitleng.*+
10 O a bona hore le ba bohlale ba a shwa.
11 Ba lakatsa eka matlo a bona a ka dula a le teng ka ho sa feleng,
Le ditente tsa bona di be teng melokong yohle.
Ba reheletse dibaka tsa bona ka mabitso a bona.
12 Le ha motho a ka hlompheha, a ke ke a dula a le teng.+
O tshwana le diphoofolo tse shwang.+
13 Ena ke tsela ya ba se nang kelello+
Le ya ba ba salang morao, ba thabelang mantswe a bona a se nang thuso. (Selah)
14 Ba ahloletswe Lebitla* jwalo ka dinku tse yo hlajwa.
Lefu le tla ba disa.
Hoseng ba lokileng ba tla ba laola.+
Ba ke ke ba hlola ba fumanwa.+
Lebitla*+ e tla ba lehae la bona ho ena le ntlo ya borena.+
16 O se ke wa tshoha ha motho e eba morui,
Ha ntlo ya hae e ntse e ba ntle haholo
A ke ke a tsamaya le leruo la hae.+
18 Ha a ntse a phela o a ithorisa.+
(Batho ba a o rorisa ha o atleha.)+
19 Qetellong o latela moloko wa baholoholo ba hae.
Ha ba sa tla hlola ba bona lesedi.