Lengolo la Pele la Johanne
1 Re le ngolla ka ya tlisang lentswe le fanang ka bophelo.+ O bile teng ho tloha qalong. Re utlwile ka yena, re mo bone, ra sheba dintho tseo a di etsang ra ba ra mo tshwara. 2 Bophelo bo sa feleng bo ile ba bonahatswa. Re bo bone, re a bo paka+ ebile re le bolella ka bona.+ Bophelo bo sa feleng bo tswa ho Ntate mme bo ile ba bonahatswa ho rona. 3 Re le bolella dintho tseo re di boneng le tseo re di utlwileng+ e le hore le ka momahana le rona feela jwalo ka ha le rona re momahane le Ntate le Mora wa hae Jesu Kreste.+ 4 Re le ngolla dintho tsena e le hore re ka thaba haholo.
5 Molaetsa oo re le tsebisang wona oo re o utlwileng ho yena ke ona: Modimo ke lesedi+ mme ha ho na lefifi ho hang ho yena. 6 Haeba re re: “Re momahane le yena” empa re tswela pele ho tsamaya lefifing, re leshano ebile ha re phele ka nnete.+ 7 Le ha ho le jwalo, haeba re tsamaya leseding jwalo ka ha le yena a le leseding, re fela re momahane mme madi a Mora wa hae Jesu a re hlwekisa sebeng sohle.+
8 Haeba re re: “Ha re na sebe,” re a ithetsa+ ebile ha re dumele dithuto tsa nnete.* 9 Ka ha Modimo o a tshepahala ebile o lokile, haeba re bolela dibe tsa rona o tla re tshwarela a be a hlatswe bobe bohle bo ho rona.+ 10 Haeba re re: “Ho hang ha re eso etse sebe,” re re Modimo o leshano ebile ha re dumele lentswe la hae.