Diproverbia
8 Bohlale bo ntse bo hweletsa.
Temoho e ntse e phahamisa lentswe.+
6 Mamelang hobane ke bua ditaba tsa bohlokwa,
Ke bua dintho tse lokileng,
7 Molomo wa ka o bua nnete,
Molomo wa ka o nyonya bokgopo.
8 Dipolelo tsohle tsa molomo wa ka di lokile.
Ha ho le e nngwe ya tsona e sothehileng kapa eo e leng leshano.
9 Kaofela ha tsona di hlakile ho ya nang le kelello
Hape di lokile ho ba fumaneng tsebo.
11 Etswe bohlale bo molemo ho feta dikorale,*
Dintho tse ding tsohle tseo motho a ka di lakatsang ha se letho ha di bapiswa le bohlale.
13 Ho tshaba Jehova ho bolela ho hloya bobe.+
Ke hloile boikgohomoso, boikakaso,+ bokgopo le leshano.+
14 Ke na le keletso ya bohlokwa le bohlale.+
Ke na le kutlwisiso+ le matla.+
15 Marena a ntse a busa ka lebaka la ka
Le diofisiri tse kgolo di etsa melao e lokileng ka lebaka la ka.+
16 Ke ka nna dikgosana di ntseng di busa
Le bahlomphehi ba ahlolang ka toka.
18 Ke na le maruo le tlhompho,
Matlotlo a sa senyeheng le ho loka.
19 Ditholwana tsa ka di molemo ho feta kgauta, di molemo ho feta kgauta e hlwekisitsweng.
Dihlahiswa tsa ka di molemo ho feta silevera e ntle.+
20 Ke tsamaya tseleng ya ho loka,
Bohareng ba ditsela tsa toka.
22 Jehova o ile a mpopa ke le qalo ya mosebetsi wa hae,+
Ke le wa pele dinthong tsa kgale tseo a di fihletseng.+
23 O ile a mpeha boemong bo phahameng ho tloha kgale,+
Ho tloha qalong, dinakong tsa pele lefatshe le eba teng.+
25 Pele dithaba di thehwa,
Pele ho eba le maralla, ke ile ka hlaha,
26 Pele a etsa lefatshe le naha
Le lekote la pele la mobu wa lefatshe.
27 Ke ne ke le teng ha a etsa mahodimo;+
Ha a beha moedi pakeng tsa lehodimo le lewatle,+
28 Ha a tsitsisa maru sepakapakeng,
Ha a etsa mehlodi ya lewatle,
29 Ha a sehela lewatle meedi
E le hore metsi a lona a se ke a tlola meedi+ eo a e behileng,*
Ha a rala metheo ya lefatshe,
Letsatsi le letsatsi ke ne ke le eo a mo ratang haholo,+
Ka nako yohle ke ne ke thabile ka pela hae.+
31 Ke ne ke thabetse lefatshe la hae,
Ka ho kgetheha ke ne ke rata batho.
32 Jwale bara ba ka, mmameleng.
Ho thaba ba tsamayang ditseleng tsa ka.