Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • 2 Dikronike 10
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

Kakaretso ya 2 Dikronike

      • Baiseraele ba fetohela Roboame (1-19)

2 Dikronike 10:1

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jos 20:7; 24:1; Bhl 9:1
  • +1Ma 12:1-4

Di-Index

  • Tataiso ya ho Etsa Dipatlisiso

    Tora ya ho Lebela (E Ithutwang),

    6/2018, leq. 13

2 Dikronike 10:2

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 11:28
  • +1Ma 11:40

2 Dikronike 10:4

Dinaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “o ne a etsa hore joko ya rona e be boima.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1 Sam. 8:11-18; 1Ma 4:7

Di-Index

  • Tataiso ya ho Etsa Dipatlisiso

    Tora ya ho Lebela (E Ithutwang),

    6/2018, leq. 13

2 Dikronike 10:5

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 12:5-7

2 Dikronike 10:6

Dinaletsana

  • *

    Kapa: “le baholo.”

2 Dikronike 10:8

Dinaletsana

  • *

    Kapa: “baholo.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 12:8-11

2 Dikronike 10:10

Dinaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “monwana wa hao o monyenyane o tla ba motenya ho feta letheka la ntate wa hao.”

2 Dikronike 10:12

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 12:12-15

2 Dikronike 10:13

Dinaletsana

  • *

    Kapa: “ya baholo.”

2 Dikronike 10:15

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 2:30; 2Sa 17:14
  • +1Ma 11:29-31

2 Dikronike 10:16

Dinaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “ditenteng.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 11:32
  • +1Ma 12:16, 17

2 Dikronike 10:17

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 11:35, 36

2 Dikronike 10:18

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 20:24; 1Ma 4:6
  • +1Ma 12:18, 19

Dibibele Tse Ding

Penya nomoro ya temana ho hlahisa diphetolelo tse ding tsa temana eo.

Ditemana Tse Ding

2 Dikron. 10:1Jos 20:7; 24:1; Bhl 9:1
2 Dikron. 10:11Ma 12:1-4
2 Dikron. 10:21Ma 11:28
2 Dikron. 10:21Ma 11:40
2 Dikron. 10:41 Sam. 8:11-18; 1Ma 4:7
2 Dikron. 10:51Ma 12:5-7
2 Dikron. 10:81Ma 12:8-11
2 Dikron. 10:121Ma 12:12-15
2 Dikron. 10:15De 2:30; 2Sa 17:14
2 Dikron. 10:151Ma 11:29-31
2 Dikron. 10:161Ma 11:32
2 Dikron. 10:161Ma 12:16, 17
2 Dikron. 10:171Ma 11:35, 36
2 Dikron. 10:182Sa 20:24; 1Ma 4:6
2 Dikron. 10:181Ma 12:18, 19
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • Bala le Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
2 Dikronike 10:1-19

Buka ya Bobedi ya Dikronike

10 Roboame a ya Shikeme+ hobane Baiseraele bohle ba ne ba tlile Shikeme ho tla mo etsa morena.+ 2 Jeroboame+ mora wa Nebate o ne a ntse a le Egepeta hobane o ne a balehile Morena Solomone.+ Ha a utlwa ka taba ena, a kgutla Egepeta. 3 Ba bitsa Jeroboame mme yena le Baiseraele bohle ba tla ho Roboame ba re: 4 “Ntate wa hao o ne a re imeditse.*+ Empa haeba o ka fokotsa mosebetsi o boima oo a re fileng wona mme wa re tshwara hantle, re tla o sebeletsa.”

5 A re ho bona: “Kgutlelang ho nna ka mora matsatsi a mararo.” Ba tsamaya.+ 6 Morena Roboame a buisana le banna ba baholo* ba neng ba sebeletsa ntate wa hae Solomone ha a ntse a phela a re: “Le ka nkeletsa hore ke reng ho setjhaba see?” 7 Ba re ho yena: “Haeba o tshwara setjhaba sena hantle, o etsa dintho tse se thabisang ebile o dumela kopo ya sona, se tla dula se o sebeletsa.”

8 Roboame a se ke a mamela keletso eo banna ba baholo* ba ileng ba mo fa yona empa a buisana le bahlankana bao a hotseng le bona bao e neng e se e le basebeletsi ba hae.+ 9 A re ho bona: “Ke reng ho batho baa ba itseng ke fokotse mosebetsi o boima oo ntate wa ka a ba fileng wona?” 10 Bahlankana bao a hotseng le bona ba re ho yena: “Bolella batho ba itseng ntate wa hao o ne a ba imeditse hore o tla ba imetsa ho feta ntate wa hao.* 11 Ere ho bona: ‘Ntate wa ka o ne a le imeditse empa nna ke tla le imetsa le ho feta. Ntate wa ka o le shapile ka diphadi empa nna ke tla le shapa ka diphadi tse nang le metsu.’”

12 Jeroboame le batho bohle ba tla ho Roboame ka letsatsi la boraro feela jwalo ka ha a ne a itse ba kgutle.+ 13 Empa Morena Roboame a ba buisa hampe yaba ha a mamele keletso ya banna ba baholo.* 14 Morena a bua le bona ho ya ka keletso eo bahlankana ba neng ba mo file yona a re: “Ke tla le imetsa ho feta ka moo le neng le imeditswe ka teng pele. Ntate wa ka o le shapile ka diphadi empa nna ke tla le shapa ka diphadi tse nang le metsu.” 15 Morena a hana ho mamela setjhaba hobane Modimo wa nnete+ o ile a etsa hore ho be jwalo e le hore ho ka phethahala mantswe ao Jehova a a buileng ho Jeroboame mora wa Nebate a sebedisa Akija+ wa Moshilo.

16 Ha Baiseraele bohle ba bona hore morena o hana ho ba mamela, ba re ho yena: “Ha ho na letho le re kopanyang le Davida ebile ha re na lefa ho mora wa Jese. Baiseraele, a re kgutleleng ho medimo ya rona. Hlokomela ntlo ya hao wena Davida.”+ Baiseraele bohle ba kgutlela malapeng* a bona.+

17 Roboame a nna a busa Baiseraele ba dulang metseng ya Juda.+

18 Morena Roboame a roma Hadorame+ ya neng a etella pele batho ba bitseditsweng ho sebeletsa morena empa Baiseraele ba mo tlepetsa ka majwe ho fihlela a shwa. Morena Roboame a kgona ho kena ka kariking ya hae ya ntwa a balehela Jerusalema.+ 19 Haesale Baiseraele ba fetohela ntlo ya Davida ho fihlela letsatsing lena.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela