Esaia
46 Bele* o a kgumama,+ Nebo* o a kotlobana.
Ditshwantsho tsa tsona tse rapelwang di bofilwe hodima diphoofolo, hodima diphoofolo tse bofshwang+
Jwalo ka thoto e imelang diphoofolo tse kgathetseng.
2 Di a kotlobana mme di inama mmoho.
Ha di kgone ho pholosa thoto*
Mme tsona ka botsona di a hapuwa.
3 “Mmamele, wena ntlo ya Jakobo le lona bohle ba setseng ba ntlo ya Iseraele,+
Lona bao ke ba hlokometseng ho tloha ha le hlaha le bao ke ba ntshitseng ka popelong.+
4 Ke tla dula ke tshwana ho fihlela le tsofala.+
Ke tla nne ke le jare ho fihlela moriri wa lona o eba moputswa.
Ke tla le nka, ke le jare mme ke le pholose feela jwalo ka ha ke ile ka etsa.+
5 Le tla ntshwantsha le mang kapa le ntekanye le mang kapa le mpapise le mang+
Jwalo ka ha eka re a tshwana?+
6 Ho na le batho ba ntshang kgauta e ngata dipatjheng tsa bona.
Ba bekga silevera sekaleng.
Ba hira motho ya sebetsang ka tshepe ebe o etsa modimo ka silevera eo.+
Ba itihela fatshe ka difahleho, ba a o rapela.*+
7 Ba phahamisetsa modimo eo mahetleng a bona,+
Ba a o jara, ba o behe sebakeng sa wona ebe o ikemela moo feela.
Ha o tlohe sebakeng sa wona.+
Ba a o hweletsa empa ha o arabe.
Ha o kgone ho pholosa mang kapa mang tsietsing.+
8 Hopolang dintho tsena mme le be sebete.
Di tebisetseng pelong, lona bafosi.
Ke nna Modimo mme ha ho ya tshwanang le nna.+
Ke re, ‘Qeto* ya ka e tla phethahala ntle ho tshitiso.+
Ke tla etsa eng kapa eng eo ke e batlang.’+
11 Ke bitsa nonyana e jang nama ho tswa botjhabela,*+
Ke bitsa motho ho tswa naheng e hole hore a phethe qeto* ya ka.+
Ke e boletse mme ke tla e phethahatsa.
Ke e entse mme ke tla e phetha.+
13 Ke atameditse ho loka ha ka.
Ha ho hole
Mme poloko ya ka e ke ke ya dieha.+
Ke tla pholosa Sione, ke fe Iseraele botle ba ka.”+