Diketso Tsa Baapostola
24 Ka mora matsatsi a mahlano, moprista ya phahameng Ananiase+ a tla le baholo ba bang le Tertulase wa akgente* yaba ba qosa Pauluse ka pela mmusisi.+ 2 Ha Tertulase a fuwa monyetla wa ho bua, a qosa Pauluse a re:
“Mohlomphehi ya Kgabane Felixe, re phela ka kgotso ka lebaka la hao hape re bona dintlafatso setjhabeng sena hobane o ena le tjhebelopele. 3 Hohle moo re leng teng Mohlomphehi ya Kgabane Felixe, re dula re ananela dintho tsena kaofela. 4 Empa e le hore ke se ke ka o senyetsa nako, ke kopa o be mosa ho rona o re dumelle hore re teke taba ya rona ka bokgutshwanyane. 5 Re fumane monna enwa e le motho ya kotsi haholo*+ a bile a hlohlelletsa+ Bajuda lefatsheng lohle hore ba fetohele mmuso. Ke moetapele wa lequlwana la Banazaretha.+ 6 O ile a ba a leka ho silafatsa tempele yaba re a mo tshwara.+ 7 *— 8 Ha o ka mo hlahloba, o tla fumana hore dintho tsena tsohle tseo re mo qosang ka tsona ke nnete.”
9 Bajuda le bona ba mo tlatsa, ba re dintho tsena ke nnete. 10 Mmusisi a qhwaya Pauluse ka hlooho hore a bue. Pauluse a re:
“Ke tseba hantle hore o bile moahlodi setjhabeng sena ka dilemo tse ngata. Ka hoo, ke thabela* ho ipuella ka pela hao.+ 11 Ha o ka etsa dipatlisiso, o tla fumana hore ha ho eso fete le matsatsi a 12 ho tloha ha ke ne ke ya Jerusalema ho ya rapela.+ 12 Ha ba a ka ba mphumana ke phehile kgang le mang kapa mang ka tempeleng kapa ke ferekanya batho, ebang ke ka matlung a thapelo* kapa motseng wohle. 13 Ba ke ke ba kgona ho paka hore dintho tseo ba nqosang ka tsona ke nnete. 14 Empa ke a o bolella hore tsela ena eo ba e bitsang lequlwana, ke tsela eo ke sebeletsang Modimo wa baholoholo ba ka ka yona+ ka ha ke dumela dintho tsohle tse hlahang Molaong le dibukeng tsa Baprofeta.+ 15 Ke na le tshepo eo batho bana le bona ba nang le yona ya hore Modimo o tla tsosa+ batho ba lokileng le ba sa lokang bafung.+ 16 Ka lebaka leo, ke dula ke lwanela ho ba le letswalo le kgutsitseng* ka pela Modimo le batho.+ 17 Ka mora dilemo tse ngata ke ile ka fihla Jerusalema, ka tlisa dithuso+ ho batho ba setjhaba sa heso le ho etsa dinyehelo. 18 Ha ke ntse ke etsa dintho tsena, ba ile ba mphumana ka tempeleng ke hlwekile ho ya ka Molao.+ Ha ba a ka ba mphumana ke ena le letshwele la batho kapa ke entse moferefere. Ho ne ho ena le Bajuda ba tswang profinseng ya Asia 19 ba neng ba tshwanela hore ebe ba teng mona e le hore ba nqose ka pela hao haeba ho ena le ntho eo ba nqosang ka yona.+ 20 Kapa le bona bana ba teng ba hle ba bolele hore na ba mphumane ke le molato wa eng ka Lekgotleng le Phahameng la Bajuda.* 21 Ba ka nqosa ka ntho ena e le nngwe eo ke ileng ka e bua ke eme ka pela bona ha ke re: ‘Kajeno ke qoswa hobane ke ena le tshepo ya hore bafu ba tla tsoha.’”+
22 Ka ha Felixe o ne a tseba ditaba tse amanang le Tsela ya Morena hantle,+ o ile a tjhetjhisa nyewe ya banna bana a re: “Hang ha Lisiase mookamedi wa sesole a fihla, ke tla etsa qeto ka ditaba tsena tsa lona.” 23 A laela molaodi wa sesole hore a kwalle Pauluse empa a fuwe bolokolohi bo itseng le hore a dumelle metswalle ya hae ho mo thusa ka dintho tseo a di hlokang.
24 Ka mora matsatsi a seng makae, Felixe a fihla le mosadi wa hae wa Mojuda Drusila. A bitsa Pauluse yaba o a mo mamela ha a ntse a hlalosa hore na ho dumela ho Jesu ho bolelang.+ 25 Eitse ha Pauluse a bua ka dintho tse nepahetseng, boitshwaro le ka nako eo Modimo a tla ahlola batho,+ Felixe a tshoha yaba o re: “Tsamaya, ha ke fumana monyetla ke tla o bitsa hape.” 26 O ne a boetse a tshepile hore Pauluse o tla mo fa tjotjo. Ka hoo, o ne a mo bitsa kgafetsa hore a tlo bua le yena. 27 Ka mora dilemo tse pedi, Felixe a hlahlangwa ke Porkiase Festase. Ka ha Felixe o ne a batla ho kgahlisa Bajuda,+ a siya Pauluse a kwaletswe.