Tshenolo e yang ho Johanne
17 Le leng la mangeloi a supileng a neng a tshwere dikotlolo tse supileng+ la tla ho nna la re: “Tloo ke tlo o bontsha kahlolo ya letekatse le leholo le dulang hodima metsi a mangata,+ 2 leo marena a lefatshe a ileng a etsa bohlola* le lona.+ Batho ba lefatshe ba ile ba tahwa ke veine ya bohlola* ba lona.”+
3 Lengeloi leo la sebedisa moya o halalelang ho nkisa moo ho sa dulweng. Ka bona mosadi ya dutseng hodima sebata se sefubedu se ngotsweng mabitso a nyefolang Modimo hohle. Se ne se ena le dihlooho tse supileng le manaka a leshome. 4 Mosadi eo o ne a apere diaparo tse pherese+ le tse kgubedu, a ikgabisitse ka kgauta, diperela+ le majwe a bohlokwa. O ne a tshwere senwelo sa kgauta se tletseng dintho tse nyontshang le tse ditshila tsa bohlola* ba hae. 5 Phatleng ya hae ho ne ho ngotswe lebitso le sa tsejweng. Lebitso leo ke: “Babilona e Moholo, mme wa matekatse+ le wa dintho tse nyontshang tsa lefatshe.”+ 6 Ka bona hore mosadi eo o ne a tahilwe ke madi a bahalaledi le a dipaki tsa Jesu.+
Ha ke mo bona ke ile ka makala haholo. 7 Lengeloi la re ho nna: “O makaletseng? Ere ke o bolelle lekunutu la mosadi+ eo le la sebata seo a se palameng se nang le dihlooho tse supileng le manaka a leshome:+ 8 Sebata seo o se boneng se ne se le teng feela ha se sa le yo empa haufinyane se tla nyoloha se tswa ka sekoting se tebileng+ mme se tla fediswa. Batho ba dulang lefatsheng bao mabitso a bona a sa ngolwang moqolong wa bophelo,+ o bileng teng ho tloha ha lefatshe le thehwa, ba tla makala ha ba bona hore sebata se ne se le teng feela ha se sa le yo empa se tla boela se be teng.
9 E le hore motho a utlwisise taba ena, o hloka hore a be le bohlale. Dihlooho tse supileng+ di emela dithaba tse supileng tseo mosadi eo a dulang hodima tsona. 10 Di emela marena a supileng, a mahlano a wele, e mong o teng, e mong ha a eso fihle empa ha a fihla, o tla dula nako e kgutshwanyane. 11 Sebata se neng se le teng empa se se se le siyo,+ e boetse ke morena wa borobedi empa se tla hlaha ho marena a supileng ebe se a fediswa.
12 Manaka a leshome ao o a boneng a emela marena a leshome a eso ka a busa, a tla fuwa matla a hore a buse le sebata ka hora e le nngwe. 13 Marena ao a na le morero o tshwanang. Ka hoo, a fa sebata matla a ona a ho busa. 14 Marena ao a tla lwana le Konyana+ empa Konyana e tla a hlola+ hobane ke Kgosi ya dikgosi le Morena wa marena.+ Bao Modimo a ba bitsitseng le bao a ba kgethileng ba mo tshepahallang le bona ba tla hlola.”+
15 La re ho nna: “Metsi ao o a boneng ao letekatse le dutseng hodima ona a emela batho, ditjhaba, matshwele, merabe le dipuo tse fapaneng.+ 16 Manaka a leshome+ ao o a boneng le sebata+ di tla hloya letekatse,+ di le nkele sohle di be di le hlobodise. Di tla ja dinama tsa lona di le tjhese lore!+ 17 Lebaka ke hore Modimo o entse hore manaka ao a nahane ho etsa ntho eo Modimo a e batlang.+ Kaofela a nahanne ntho e tshwanang e leng ho fa sebata matla+ a ona a ho busa ho fihlela mantswe a Modimo a phethahala. 18 Mosadi+ eo o mo boneng o emela motse o moholo o busang marena a lefatshe.”