Dipesaleme
Ho motsamaisi. Pesaleme ya bara ba Kora.+ E binwe ka Alamothe.* Pina.
2 Ke ka lebaka leo re ke keng ra tshoha le hoja lefatshe le fetoha,
Le hoja dithaba di thothomela mme di wela botebong ba lewatle,+
3 Le hoja metsi a lona a lwebehlana a bile a etsa lekweba,+
Le hoja dithaba di reketla ka lebaka la ho kgahlellana ha lona. (Selah)
4 Ho na le noka eo melapo ya yona e thabisang motse wa Modimo,+
Tabernakele e kgolo e halalelang ya Ya Phahameng ka ho Fetisisa.
5 Modimo o motseng oo.+ Ka hoo, o ke ke wa hlolwa.
Modimo o tla o thusa esale ka meso.+
6 Ditjhaba di ne di entse morusu, mebuso e ne e hlotswe.
A phahamisa lentswe la hae mme lefatshe la qhibidiha.+
7 Jehova wa mabotho o na le rona.+
Modimo wa Jakobo ke setshabelo sa rona se sireletsehileng.* (Selah)
8 Tloong, le tlo bona mesebetsi ya Jehova,
Le tlo bona dintho tse makatsang tseo a di entseng lefatsheng.
9 O fedisa dintwa lefatsheng lohle.+
O roba seqha ebile o robakanya le lerumo.
O tjhesa dikariki tsa sesole* ka mollo.
10 “Ineheleng mme le tsebe hore ke nna Modimo.
Ke tla tlotliswa hara ditjhaba.+
Ke tla tlotliswa lefatsheng.”+
11 Jehova wa mabotho o na le rona.+
Modimo wa Jakobo ke setshabelo sa rona se sireletsehileng.+ (Selah)