Lengolo la Pele le Yang ho Timothea
4 Lentswe le tswang ho Modimo* le bolela ka ho hlaka hore dinakong tse tlang ba bang ba tla wa tumelong. Ba tla mamela dithuto tsa bademona le melaetsa eo e seng nnete e bonahalang eka e tswa ho Modimo.+ 2 Hape ba tla mamela mashano a banna ba baikaketsi,+ bao matswalo a bona a tjheleng jwalo ka ha eka a tjhesitswe ka tshepe e tjhesang. 3 Ba hanela batho ho nyala+ ebile ba ba laela hore ba se ke ba ja dijo+ tseo Modimo a di etseditseng+ batho ba nang le tumelo+ le ba tsebang nnete hore ba di je mme ba mo lebohe. 4 Dintho tsohle tseo Modimo a di bopileng di molemo.+ Ha ho letho le lokelang ho lahlwa+ haeba batho ba di amohelang ba leboha 5 hobane di hlwekiswa ke lentswe la Modimo le thapelo.
6 Ha o fa bana ba bo rona dikeletso tsena, o tla be o bontsha hore o mosebeletsi ya lokileng wa Kreste Jesu, ya rutilweng molaetsa o amanang le tumelo ya rona le thuto e nepahetseng eo o ntseng o e latela.+ 7 O se ke wa mamela dipale tsa bohata tse sa hlompheng Modimo+ tse kang tse phetwang ke basadibaholo. Empa o ikwetlise ka sepheo sa ho sebeletsa Modimo ka botshepehi. 8 Ho ikwetlisa mmele ho na le molemo o itseng empa ho sebeletsa Modimo ka botshepehi ho molemo dinthong tsohle hobane ho thusa batho ho fumana ditlhohonolofatso tseo Modimo a tshepisitseng ho re fa tsona hona jwale le nakong e tlang.+ 9 Mantswe ao ke nnete hape re tshwanela ho a dumela. 10 Ke ka lebaka leo re sebetsang ka thata le ho ikitlaetsa+ hobane re tshepile Modimo ya phelang, ya pholosang+ batho ba mefuta yohle,+ haholoholo ba tshepahalang.
11 Dula o fana ka ditaelo tseo le ho ruta dintho tsena. 12 O se ke wa dumella mang kapa mang ho o kgella fatshe hobane o le motjha. Ho ena le hoo, o behele ba tshepahalang mohlala ka lerato la hao, tumelo ya hao, bohlweki, tsela eo o buang ka yona le eo o itshwarang ka yona. 13 O tswele pele ho ikitlaelletsa ho bala phatlalatsa,+ ho eletsa* le ho ruta ho fihlela ke fihla. 14 O se ke wa lebala mpho eo o ileng wa e fuwa ha ho ne ho profetwa ka wena nakong eo sehlopha sa baholo se neng se o beha matsoho.+ 15 Nahanisisa ka dintho tsena, o di etse ka mafolofolo ohle e le hore batho bohle ba bone hore o a hola. 16 Etsa sohle seo o ka se kgonang hore o be mohlala o motle le hore o rute hantle.+ Dula o etsa dintho tseo hobane o tla pholoha o be o pholose le ba o mamelang.+