Jobo
21 Jobo a re:
2 “Mmameleng ka hloko
Ka ha seo e tla ba matshediso ao le mphang ona.
4 Na ho tletleba ha ka ho lebisitswe ho motho?
Haeba ho ne ho le jwalo, na nka be ke sa fellwa ke mamello?
5 Ntjhebeng le be le mmakalle,
Le behe matsoho a lona melomong.
6 Ha ke thola ke nahana, ke a tshwenyeha
Le mmele wohle wa ka o a thothomela.
8 Ba dula ba ena le bana ba bona
Ebile ba kgona le ho bona ditloholo tsa bona.
10 Ha ho na mohla dipoho tsa bona di sa emariseng
Le dikgomo tsa bona di a tswala mme ha di folotse.*
11 Bana ba bona ba bashanyana ba matha ka ntle jwalo ka mohlape
Ebile ba a tlolaka.
14 Empa ba re ho Modimo wa nnete, ‘Kgaohana le rona!
Ha re batle ho tseba ditsela tsa hao.+
15 Ya Matla Ohle ke mang hore re mo sebeletse?+
Re tla fumana molemo ofe ka ho mo tseba?’+
16 Empa ke a tseba hore ha ba laole katleho ya bona.+
Ha ke nahane jwalo ka batho ba kgopo.+
17 Lebone la ba kgopo le tima hangata hakae?+
Ba hlahelwa ke tlokotsi hangata hakae?
Modimo o ba fa kotlo hangata hakae ka lebaka la bohale ba hae?
18 Na ba ke ba fefolwe ke moya jwalo ka jwang,
Ba be jwalo ka mmoko o fefolwang ke sefefo?
19 Modimo o tla boloka dikotlo tsa motho ebe o di kgutlisetsa baneng ba hae.
Empa e se eka le yena Modimo a ka mo fa kotlo e le hore a ka utlwa hore na ho jwang.+
20 E se eka tlokotsi e ka mo tlela a ntse a shebile
21 Haeba palo ya dikgwedi tsa hae e fokotswa,*+
Na o a tsotella hore na ho tla etsahalang ka ba lelapa la hae ka mora hore a shwe?
23 Motho e mong o shwa a ntse a ena le matla,+
A ena le kgotso ebile a se na mathata,+
24 Dirope tsa hae di le kgolo
Le masapo a hae a le matla.*
28 Le ntse le re, ‘Ntlo ya motho ya hlomphehang e hokae?
Tente eo motho ya kgopo a neng a dula ho yona e hokae?’+
30 Ba tla le bolella hore motho ya kgopo o a pholoha letsatsing la tlokotsi
Ebile o a pholoswa letsatsing la kgalefo.
31 Ke mang ya tla mo bolella hore boitshwaro ba hae ha bo a loka?
Ke mang ya tla mo fa kotlo ka lebaka la diketso tsa hae?
32 Ha a iswa mabitleng,
Lebitla la hae le tla lebelwa.
34 Jwale ke hobaneng ha le mpha matshediso a se nang thuso?+
Dikarabo tsa lona ke leshano feela!”