Lengolo la Pele la Petrose
2 Tlohelang ho etsa dintho tse mpe,+ leshano, boikaketsi, mona le ho hlabana ka mantswe. 2 Le lakatse lebese le hlwekileng* la lentswe la Modimo jwalo ka ha masea+ a labalabela lebese e le hore ka lona le tle le hole le be le pholoswe+ 3 hobane le tsebile hantle* hore Morena o mosa.
4 Tloong ho eo e leng lejwe le phelang. Le hoja le ile la lahlwa ke batho,+ Modimo o ile a le kgetha a ba a le nka e le la bohlokwa.+ 5 Le lona le majwe a phelang a ntlo e ntseng e hahwa ka moya o halalelang wa Modimo+ hore le be baprista ba halalelang, e le hore le etse mahlabelo+ a dumellanang le moya wa Modimo le ao Modimo a a amohelang ka Jesu Kreste.+ 6 Lengolo le re: “Ke beha lejwe la sekgutlo la bohlokwa e le motheo Sione. Mang kapa mang ya bontshang tumelo ho lona a ke ke a phoqeha.”+
7 Lejwe leo ke la bohlokwa ho lona hobane le dumela ho lona. Ho ba sa dumeleng ho lona ha le bohlokwa hobane Mangolo a re: “Lejwe leo dihahi di le lahlileng+ le fetohile lejwe la sekgutlo la sehlooho.”+ 8 Hape a re: “Ke lejwe le kgopang ebile ke lefika le kgopisang.”+ Ba a kgopeha hobane ha ba mamele lentswe la Modimo. Ena ke tsela eo ba tla fella ka yona. 9 Empa lona le “batho ba kgethilweng, baprista bao e leng marena, setjhaba se halalelang+ le batho bao Modimo a ba nkang e le ba bohlokwa.+ Le kgethetswe hore le phatlalatse mesebetsi e metle”+ ya* ya ileng a le ntsha lefifing a le tlisa kganyeng ya hae.+ 10 Pele le ne le se setjhaba sa Modimo empa hona jwale le setjhaba sa hae.+ Pele Modimo o ne a sa le hauhele empa hona jwale o a le hauhela.+
11 Baratuwa, ka ha le baditjhaba ebile le baahi ba nakwana,+ ke kopa hore le qobe ho kgotsofatsa ditakatso tsa lona tse fosahetseng+ tse le lwantshang.+ 12 Dulang le itshwere hantle hara batho ba lefatshe lena+ e le hore ha ba le qosa ka hore le entse dintho tse mpe, ba tle ba bone mesebetsi ya lona e metle+ mme ba rorise Modimo mohla a ahlolang batho.
13 Mamelang Morena ka hore le ikokobeletse bohle ba nang le bolaodi,+ ebang ke marena+ hobane a le phahametse 14 kapa babusisi hobane ba rometswe ke yena e le hore ba kgalemele ba etsang dintho tse mpe le ho rorisa ba etsang tse ntle.+ 15 Modimo o batla hore le etse dintho tse ntle e le hore le thodise mawatla a buang dintho tse se nang thuso.+ 16 Itshwareng jwalo ka batho ba lokolohileng+ empa le sebedise tokoloho ya lona ho sebeletsa Modimo+ eseng e le lebaka la ho etsa dintho tse mpe.+ 17 Le hlomphe batho ba mefuta yohle,+ le rate bana ba bo lona kaofela,+ le hlomphe Modimo+ le be le hlomphe Morena.+
18 Basebetsi ba lokela ho ikokobeletsa beng ba bona mme ba ba hlomphe haholo.+ Ba se ke ba ikokobeletsa feela ba lokileng le ba bonolo empa ba ikokobeletse le bao ho leng thata ho ba kgotsofatsa. 19 Modimo o thabiswa ke motho ya mamellang mathata le bohloko hobane a batla ho ba le letswalo le kgutsitseng ka pela Modimo le hoja a sa etsa letho le lebe.+ 20 Ha ho na thuso ya ho mamella ho otlwa hobane le entse phoso.+ Modimo yena o thabiswa ke ha le mamella bohloko hobane le etsa dintho tse ntle.+
21 Modimo o le kgethetse bophelo bona hobane Kreste le yena o ile a utlwa bohloko bakeng sa lona.+ Kreste o le behetse mohlala e le hore le mo etsise dinthong tsohle.*+ 22 Ha a ka a etsa sebe+ ebile ho ne ho se na bolotsana ho yena.*+ 23 Ha batho ba ne ba mo rohaka,+ ha a ka a ba rohaka.+ Ha batho ba mo utlwisa bohloko,+ ha a ka a ba tshosa empa o ile a tshepa moahlodi ya ahlolang+ ka ho loka. 24 O ile a jara dibe tsa rona+ ha a kgokgothelwa palong*+ e le hore a re lokolle sebeng mme re phelele ho etsa dintho tse ntle. “Le ile la fodiswa ka lebaka la maqeba a hae.”+ 25 Le ne le tshwana le dinku tse lahlehileng+ empa hona jwale le kgutletse ho modisa+ eo hape e leng molebedi wa lona.*